Dipesaleme 119 - BIBELEThoko ya Molao wa Morena Alef 1 Ho lehlohonolo ba metsamao e se nang kodi, ba tsamayang ka Molao wa Morena. 2 Ho lehlohonolo ba latelang ditemoso tsa hae, ba mmatlang ka pelo tsohle tsa bona; 3 ba sa etseng tse sa lokang, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae. 4 O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala. 5 Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao. 6 Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao. 7 Ke tla o boka ka pelo e hlwekileng, ha ke se ke ithutile dikahlolo tsa hao tse lokileng. 8 Ke tla phetha thato ya hao, o se ke wa ntahlela ruri. Beth 9 Mohlankana a ka hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ka ho hahela lentswe la hao lesaka. 10 Ke o batla ka pelo ya ka yohle; se ntumelle ho kgeloha, ho kgeloha melao ya hao. 11 Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa. 12 Ho bokwe wena Morena; ako nthute thato ya hao. 13 Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao. 14 Ke thabela ho latela ditemoso tsa hao, ho feta maruo wohle. 15 Ke tla nahana ditaelo tsa hao, ke imamelle ditsela tsa hao. 16 Ke thabela ho phetha thato ya hao, nke ke ka lebala lentswe la hao. Gimel 17 Etsetsa mohlanka wa hao tse molemo, ke tle ke phele, ke mamele lentswe la hao ka hloko. 18 Ntutubolle mahlo, ke bone dimakatso tsa Molao wa hao. 19 Ke mofeti mona lefatsheng; o se ke wa mpatela melao ya hao. 20 Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle. 21 O kgalemela baikgohomosi, baikgohomosi ba rohakehileng, ba kgelohang melao ya hao. 22 Ako tlose sekgobo le nyediso ho nna, hobane ke latela ditemoso tsa hao. 23 Leha mahosana a kopane, a kopanetse ho nthera, nna, mohlanka wa hao, ke nahana thato ya hao. 24 E, ditemoso tsa hao di a nthabisa, ke baeletsi ba ka. Daleth 25 Ke rapaletse leroleng; ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao. 26 Ke o boleletse metsamao ya ka, wa nkaraba; ako nthute thato ya hao. 27 Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao. 28 Moya wa ka o lliswa ke maswabi; ako mmatlafatse ho ya ka lentswe la hao. 29 Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao. 30 Ke ikgethetse tsela ya nnete, dikahlolo tsa hao ke di hlokometse. 31 Ke kgomaretse ditemoso tsa hao; oho, Morena, ke se ke ka hlajwa ke dihlong. 32 Ke tla matha tseleng ya melao ya hao, hobane wena o ntokolotse. He 33 Morena, nthute ho tsamaya ho ya ka thato ya hao, ke tle ke e latele ho isa qetellong. 34 Nnee kutlwisiso ke tle ke hlomphe Molao wa hao, ke o boloke ka pelo ya ka yohle. 35 Ntsamaise tseleng ya melao ya hao, hobane ke a e thabela. 36 Ruta pelo ya ka ditemoso tsa hao, ho ena le ho rata maruo. 37 Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao. 38 Phethisetsa mohlanka wa hao tshepiso eo o e etseditseng ba o tshabang. 39 Ntlose sekgobo seo ke se tshabang, hobane dikahlolo tsa hao di lokile. 40 Ke lakatsa ditaelo tsa hao; ako nnee bophelo ka ho loka ha hao. Vaw 41 Morena, ako ntshitse ka mohau wa hao, o mpholose ho ya ka tshepiso ya hao; 42 ke tle ke tsebe ho araba ba nnyefolang, hobane ke tshepile lentswe la hao. 43 Nthuse, ke bue nnete feela, hobane ke tshepile dikahlolo tsa hao. 44 Ke tla nne ke boloke Molao wa hao, ke o boloke kamehla le mehla. 45 Ke tla phela ka bolokolohi, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao. 46 Ke tla bua ka ditemoso tsa hao, ke bue ka tsona kapele ho dikgosi, ke sa hlajwe ke dihlong. 47 Ke thabela melao ya hao, mme ke e rata haholo. 48 Ke tla hlompha melao ya hao, ke nahane thato ya hao. Zayin 49 Hopola lentswe leo o le buileng, wa le bua ho mohlanka wa hao, hobane le nneile tshepo. 50 Ho hlopheheng ha ka se ntshedisang ke sena: Tshepiso ya hao e nnea bophelo. 51 Baikgohomosi ba ntlaka haholo, empa ha ke furalle Molao wa hao. 52 Morena, ke hopola dikahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tsa boholoholo, mme ke a tshediseha. 53 Ke halefiswa haholo ke ba kgopo, ba furallang Molao wa hao. 54 Thato ya hao ke pina ho nna, fatsheng lena leo ke leng mofeti ho lona. 55 Bosiu ke hopola lebitso la hao, lebitso la hao Morena, mme ke boloka Molao wa hao. 56 Lehlohonolo la ka ke lena: Ke bolokile ditaelo tsa hao. Heth 57 Morena, ke itse kabelo ya ka ke ho mamela mantswe a hao ke a mamele ka hloko. 58 Ke o rapela ka pelo ya ka yohle: Ako nkgauhele ho ya ka tshepiso ya hao. 59 Ke hlahlobile metsamao ya ka, mme ke kgutletse tseleng eo o mpontshitseng yona. 60 Ke ile ka potlaka, ka se ke ka dieha ho boloka melao ya hao. 61 Le hoja maraba a ntshwasitse, maraba a ba kgopo a ntshwasitse, ha ke a lebala Molao wa hao. 62 Ke tsoha ka seroko ho o boka, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng. 63 Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao. 64 Lefatshe lohle le tletse mohau wa hao, Morena; ako nthute thato ya hao. Teth 65 Morena, o entse tse molemo, wa di etsetsa mohlanka wa hao, ho ya ka lentswe la hao. 66 Nthute bohlale le tsebo, hobane ke tshepa melao ya hao. 67 Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao. 68 Wena o molemo, o etsa tse molemo; ako nthute thato ya hao. 69 Le hoja baikgohomosi ba nneta ka leshano, ke tla boloka ditaelo tsa hao, ke di boloke ka pelo ya ka yohle. 70 Pelo tsa bona di tsherehane, empa nna ke thabela Molao wa hao. 71 Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao. 72 Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera. Yod 73 O mpopile ka matsoho a hao, wa nnea sebopeho; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke ithute melao ya hao. 74 Ba o tshabang ba tla mpona, ba mpone ba thabe, hobane ke tshepile lentswe la hao. 75 Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala. 76 Mohau wa hao o ke o ntshedise, ho ya ka tshepiso eo o e entseng, wa e etsetsa mohlanka wa hao. 77 Lerato la hao le ke le nketele, ke tle ke phele, hobane ke thabela Molao wa hao. 78 Baikgohomosi ba ntubang, ba ntubang ka mashano, ba ke ba hlajwe ke dihlong, empa nna ke tla nahana ditaelo tsa hao. 79 Ba o tshabang ba ke ba kgutlele ho nna, le ba tsebang ditemoso tsa hao. 80 Pelo ya ka e ke e phethe thato ya hao ka ho tlala, ke tle ke se ke ka hlajwa ke dihlong. Kaph 81 Moya wa ka o ngongorehela ho pholoswa ke wena, ke tshepile lentswe la hao. 82 Mahlo a ka a motela ke ho lebella tshepiso ya hao, ke re: “Ekaba o tla ntshedisa neneng?” 83 Le hoja ke le jwaloka lekuka, lekuka le ka mosing, ha ke a lebala thato ya hao. 84 Mohlanka wa hao o sa tla phela ho le hokae? Bahlorisi ba ka o tla ba ahlola neng? 85 Baikgohomosi ba ntjheketse mamena; bona ba sa yeng ka Molao wa hao. 86 Melao ya hao yohle ke ya nnete; empa bona ba ntlhorisa ka mashano, ako nthuse. 87 Ba batile ba ntlosa lefatsheng, empa ha ke a furalla ditaelo tsa hao. 88 Ako nnee bophelo ka mohau wa hao, ke latele ditemoso tse tswang ho wena. Lamed 89 Morena, lentswe la hao ke la mehla yohle, le tiile jwaloka mahodimo. 90 Botshepehi ba hao ke ba meloko yohle, o theile lefatshe, mme le tsitsitse. 91 Ho ya ka dikahlolo tsa hao, tsohle di ntse di tiile: Dintho tsohle di a o sebeletsa. 92 Hoja Molao wa hao e ne e se thabo ya ka, nka be ke timeditswe ke ho hlopheha ha ka. 93 Nke ke ka lebala ditaelo tsa hao le ka mohla, hobane ke ka tsona o nneang bophelo. 94 Ke wa hao, ako mpholose, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao. 95 Ba kgopo ba ntaletse hore ba ntimetse, empa ke hlokometse ditemoso tsa hao. 96 Ke bone hore tsohle tse phethehileng di na le bofelo, empa Molao wa hao ha o na moedi. Mem 97 Molao wa hao ke o rata hakaakang! ke o nahana letsatsi lohle. 98 Molao wa hao o ntlhalefisa ho feta dira tsa ka, hobane ke na le wona kamehla yohle. 99 Ke hlalefile ho feta bohle ba nthutileng, hobane ke nahana ditemoso tsa hao. 100 Ke feta maqheku ka kutlwisiso, hobane ke boloka ditaelo tsa hao. 101 Ke qobisa maoto a ka ditsela tsohle tse kgopo, ke tle ke mamele lentswe la hao ka hloko. 102 Ha ke furalle dikahlolo tsa hao, hobane ke wena ya nthutileng tsona. 103 Ditshepiso tsa hao di latsweha hamonate hakaakang! Di feta mahe a dinotshi ka hanong la ka. 104 Ke na le kutlwisiso ka baka la ditaelo tsa hao, ka baka leo, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano. Nun 105 Lentswe la hao ke lebone maotong a ka, ke lesedi tseleng ya ka. 106 Ke ikanne, ke eme ke tiile: Ke tla ya ka kahlolo tsa hao, kahlolo tsa hao tse lokileng. 107 Ke kokobeditswe ka ho fetisisa; oho, Morena, ako nnee bophelo ho ya ka lentswe la hao. 108 Morena, amohela diteboho tse tswang molomong wa ka, o nthute dikahlolo tsa hao. 109 Bophelo ba ka bo kotsing kamehla, empa ha ke lebale Molao wa hao. 110 Ba kgopo ba ntjhehetse leraba, empa ha ke kgelohe ditaelo tsa hao. 111 Ditemoso tsa hao ke lefa la ka la mehla yohle, ke thabo ya pelo ya ka. 112 Ke rerile ka pelong ya ka ho phetha thato ya hao kamehla, ho e phetha ho isa qetellong. Samek 113 Ke hloile bo-temepedi, ke rata Molao wa hao. 114 O setshabelo sa ka le thebe ya ka, ke tshepile lentswe la hao. 115 Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka. 116 Mmatlafatse ho ya ka tshepiso ya hao, ke tle ke phele; o se ke wa ntshwabisa, hobane ke o tshepile. 117 Nthuse, ke tle ke pholohe, ke nne ke thabele ho phetha thato ya hao. 118 O nyedisa bohle ba kgelohang thato ya hao, hobane masene a bona ke lefeela. 119 Bohle ba lefatshe ba kgopo o ba tadima e le manya, kahoo ke rata ditemoso tsa hao. 120 Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao. Ayin 121 Ke phethile toka le ho lokileng; o se ke wa ntlohella matsohong a bahatelli ba ka. 122 Sireletsa mohlanka wa hao, mohlanka wa hao a tle a atlehe, baikgohomosi ba se ke ba mo hatella. 123 Mahlo a ka a motela ke ho lebella ho pholosa ha hao, le ho lebella tshepiso ya hao, tshepiso ya hao e lokileng. 124 Tshwara mohlanka wa hao hantle ho ya ka mohau wa hao, o nthute thato ya hao. 125 Ke mohlanka wa hao, ako nnee kutlwisiso, ke tle ke tsebe ditemoso tsa hao. 126 Morena, ke nako ya hore o sebetse, hobane ba tlotse Molao wa hao. 127 Ruri ke rata melao ya hao, ke e rata ho feta kgauta, le hona kgauta e hlwekisitsweng; 128 kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano. Pe 129 Ditemoso tsa hao di a tsoteha, ke ka hoo ke di latelang. 130 Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso. 131 Ke ahlamisa molomo wa ka, ke sisa pelo ke ho labalabela melao ya hao. 132 Retelehela ho nna, o nkgauhele, jwalokaha ho lokela ba ratang lebitso la hao. 133 Matlafatsa mehato ya ka ho ya ka tshepiso ya hao, o se dumelle hore ke buswe ke bobe. 134 Ntopolle ho batho ba nkgatellang, ke tle ke boloke ditaelo tsa hao. 135 Ako bontshe mohlanka wa hao fahleho se kganyang kgotso, o nthute thato ya hao. 136 Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao. Sade 137 Morena, wena o lokile, le dikahlolo tsa hao di nepahetse. 138 Temoso tseo o faneng ka tsona di lokile, di tshepahala haholo. 139 Tjheseho ya ka e a nqeta, hobane ba ntlhoileng ba lebala mantswe a hao. 140 Tshepiso ya hao ke ya nnetenete, mohlanka wa hao o a e rata. 141 Ke monyenyane, ke a nyediseha, empa ditaelo tsa hao ha ke di lebale. 142 Ho loka ha hao ke ho loka ha kamehla, Molao wa hao ke nnete. 143 Ke fihletswe ke matshwenyeho, ke fihletswe ke matswalo, empa melao ya hao ke thabo ya ka. 144 Ditemoso tsa hao di lokile kamehla; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele. Koph 145 Morena, ke a ipiletsa, ke ipiletsa ka pelo ya ka yohle, ako nkarabe; ke tle ke phethe thato ya hao. 146 Ke ipiletsa ho wena, ako mpholose; ke tle ke latele ditemoso tsa hao. 147 Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao. 148 Ke lala ke fadimehile ka nako tsa bosiu, ke ntse ke nahana tshepiso ya hao. 149 Morena, mamela lentswe la ka, o le mamele ka baka la mohau wa hao, o nnee bophelo ho ya ka kahlolo ya hao. 150 Bahlorisi ba bolotsana ba a atamela, bona ba holehole le Molao wa hao. 151 Wena Morena, o haufi, mme melao yohle ya hao ke nnete. 152 Kgale ke tsebile hore ditemoso tsa hao o di tiisitse, e be tsa mehla yohle. Resh 153 Ako tadime ho hlopheha ha ka, o nnamolele, hobane ha ke a lebala Molao wa hao. 154 Ako emele nyewe ya ka, o ntopolle; o nnee bophelo ho ya ka tshepiso ya hao. 155 Pholoho e holehole le ba kgopo, hobane ha ba batle thato ya hao. 156 Lerato la hao le leholo, Morena; ako nnee bophelo ho ya ka dikahlolo tsa hao. 157 Ba bangata ba ntlhorisang, le ba ntwantshang ba bangata, empa ha ke furalle ditemoso tsa hao. 158 Ha ke bona bakwenehi ke a teneha, hoba tshepiso ya hao, ha ba e hlokomele. 159 Morena, bona kamoo ke ratang ditaelo, ke ratang taelo tsa hao kateng! Ako nnee bophelo ho ya ka mohau wa hao. 160 Nnete ke moko wa lentswe la hao, dikahlolo tsohle tsa hao ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle. Shin 161 Mahosana a ntlhorisa ntle ho lebaka, empa pelo ya ka e tshoswa ke lentswe la hao feela. 162 Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata. 163 Leshano ke le hloile, ke a le nyonya; Molao wa hao wona ke a o rata. 164 Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng. 165 Ba ratang Molao wa hao ba na le kgotso e phethehileng, ha ho na se ka ba kgopang. 166 Morena, ke lebeletse hore o mpholose, ke tle ke phethe melao ya hao. 167 Ke latela ditemoso tsa hao, ke di rata haholo. 168 Ke boloka ditaelo tsa hao, le ditemoso tsa hao ke a di boloka, hobane o bona metsamao ya ka yohle. Taw 169 Morena, sello sa ka se ke se finyelle ho wena; ako nnee kutlwisiso ho ya ka lentswe la hao. 170 Thapelo ya ka e ke e fihle ho wena; ako nnamolele ho ya ka tshepiso ya hao. 171 Molomo wa ka o bolela dithoko tsa hao, hobane o nthuta thato ya hao. 172 Leleme la ka le ke le bine tsa tshepiso ya hao, hoba melao yohle ya hao e lokile. 173 Letsoho la hao le ke le nthuse, hoba ke ikgethetse ditaelo tsa hao. 174 Morena, ke lakatsa ho pholoswa, ho pholoswa ke wena; Molao wa hao ke thabo ya ka. 175 A nke ke phelele ho o rorisa, dikahlolo tsa hao di ke di nthuse. 176 Ke lelera jwaloka nku e lahlehileng; ako batle mohlanka wa hao, hobane ha ke lebale melao ya hao. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa