Dipesaleme 115 - BIBELEModimo wa nnete o mong feela 1 O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao. 2 Keng ha baditjhaba ba ka re: “O kae Modimo wa bona?” 3 Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang. 4 Medimo ya bona ke ya silefera le ya kgauta, ke mosebetsi wa matsoho a batho. 5 E na le melomo, empa ha e bue; e na le mahlo, empa ha e bone. 6 E na le ditsebe, empa ha e utlwe; e na le dinko, empa ha e fofonele. 7 E na le matsoho, empa ha e tshware; e na le maoto, empa ha e tsamaye; ha ho modumo o tswang qoqothong tsa yona. 8 Ba e etsang ba ke ba tshwane le yona, ba be jwalo bohle ba e tshepang. 9 Lona ba ntlo ya Iseraele, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. 10 Lona ba ntlo ya Arone, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. 11 Lona ba tshabang Morena, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona. 12 Morena o ntsa re hopotse, o tla re hlohonolofatsa; a hlohonolofatse ba ntlo ya Iseraele, a hlohonolofatse ba ntlo ya Arone, 13 a hlohonolofatse bohle, bohle ba tshabang Morena, ba banyenyane mmoho le ba baholo. 14 Morena a ke a le ngatafatse, lona le bana ba lona. 15 Morena a ke a le hlohonolofatse, yena ya entseng mahodimo, a etsa le lefatshe. 16 Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho. 17 Hase bafu ba ka rorisang Morena, leha e le ba theohetseng lebitleng. 18 Empa ke rona ba phelang ba ka bokang Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa