Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 114 - BIBELE


Sefela sa Paseka

1 Mohla Iseraele a tswang Egepeta, ba ntlo ya Jakobo ba tloha, ba tloha setjhabeng sesele,

2 Juda ya eba sehalalelo sa Morena, Iseraele ya eba mmuso wa hae.

3 Lewatle ha le ba bona la baleha, Jorodane ya tjhetjha kasanthao.

4 Dithaba tsa thala jwaloka dipheleu, maralla jwaloka dikonyana.

5 Wena lewatle, o balehelang? Le wena Jorodane, o tjhetjhelang kasanthao?

6 Lona dithaba, keng ha le thala jwaloka dipheleu, le lona maralla, jwaloka dikonyana?

7 Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo;

8 yena ya fetolang lefika letsha la metsi, lejwe la moralla a le fetole sediba.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan