Dipesaleme 113 - BIBELERorisang Morena 1 Haleluja! Lona bahlanka ba Morena, mo roriseng, le rorise lebitso la Morena. 2 Ho bokwe lebitso la Morena, ho tloha jwale le kamehla yohle. 3 Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho roriswe lebitso la Morena. 4 Morena o phahametse tjhaba tsohle, tlotla ya hae e okametse mahodimo. 5 Ke mang ya kang Morena, Morena Modimo wa rona, ya dutseng teroneng, teroneng e hodimodimo, 6 empa a ikokobeletsa ho tadima mahodimo le lefatshe? 7 O tsosa mofutsana leroleng, a phahamise mohloki thotobolong; 8 a mo dudise le mahosana, le mahosana a setjhaba sa habo. 9 O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa