Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 111 - BIBELE


Mesebetsi ya Morena e meholo

1 Haleluja! Ke tla boka Morena ka pelo ya ka yohle, ke le phuthehong ya ba lokileng.

2 Mesebetsi ya Morena e meholo, e fuputswa ke bohle ba e thabelang.

3 Mosebetsi wa hae o bonahatsa tlotla le botlotlehi, ho loka ha hae ho teng kamehla yohle.

4 O entse hore dimakatso tsa hae di se ke tsa lebalwa; Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko.

5 O fepa ba mo tshabang; o hopola selekane sa hae kamehla.

6 O bontshitse setjhaba sa hae, a se bontsha matla a mesebetsi ya hae, ka ho se nea lefa la baditjhaba.

7 Mesebetsi ya diatla tsa hae e a tshepahala, mesebetsi ya hae e lokile, ditaelo tsohle tsa hae ke tsa nnete;

8 di etseditswe mehla yohle, di hlophilwe ka botshepehi le ka ho loka.

9 O lopolotse setjhaba sa hae, a laela hore selekane sa hae e be sa kamehla yohle; lebitso la hae le a halalela, mme le a tshabeha.

10 Qaleho ya bohlale ke ho tshaba Morena, bohle ba sedi ba phela jwalo. O lokelwa ke thoriso kamehla.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan