Dipesaleme 11 - BIBELEHo tshepa Morena 1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?” 2 Ba kgopo ba se ba hula diqha tsa bona, ba kgwesa metsu ya bona, ba e kgwesa ba le lefifing ho fula ba pelo di ntle. 3 Ha metheo e se e heleditswe, ya lokileng a ka etsa eng? 4 Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba. 5 Morena o hlahloba ya lokileng le ya kgopo, ya sehloho yena o mo hloile. 6 Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang. 7 Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa