Dipesaleme 108 - BIBELEThapelo ya ho ikopela thuso ntweng (Sheba Pes. 57:8-12 ; 60:7-14 ) 1 Pesalema ya Davida. Sefela. 2 Pelo ya ka e matlafetse, Modimo; ke tla bina, ke o roke. 3 Tsoha moya wa ka, tsohang, lona thomo le harepa; ke tla tsoha mafube a eso hlahe. 4 Morena, ke tla o boka hara ditjhaba, ke o roke hara merabe; 5 hobane mohau wa hao o moholo, o fihla mahodimong, le botshepehi ba hao bo fihla marung. 6 Modimo, ako bontshe hore o okametse mahodimo, tlotla ya hao e phahamele lefatshe lohle. 7 Re pholose ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. 8 Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto. 9 Gileade ke ya ka, le Manase ke ya ka; Efraime ke katiba ya ka ya tshepe, Juda yena ke lere la ka la puso. 10 Moabe ke lefiso leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo ke tla e hatakela ka seeta; Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse, ke etse ditlatse tsa tlholo.” 11 Ke mang ya tla nkisa motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo, 12 ha e le moo wena Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona? 13 Ako re thuse direng tsa rona; hobane thuso ya motho ke lefeela. 14 Ka thuso ya Modimo re tla lwana senna, ke yena ya tla hatakela dira tsa rona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa