Dipesaleme 107 - BIBELESetjhaba se leboha Modimo 1 Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 2 Ba ke ba rialo bao Morena a ba lopolotseng, a ba namolela matsohong a mohatelli; 3 a ba phutha, a ba ntsha dinaheng tsa botjhabela le bophirimela, tsa borwa le leboya. 4 Ba ne ba phaila lefeelleng, ba phaila lehwatateng, ba sa fumane tsela e yang motseng oo ba ka ahang ho wona, 5 ba lapile, ba nyorilwe, ba le lekgatheng la ho idibana. 6 Matshwenyehong a bona ba ipiletsa ho Morena, mme a ba lopolla tsietsing ya bona. 7 A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona. 8 Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. 9 O ile a tima lenyora la ba nyorilweng, a kgorisa ba lapileng ka tse molemo. 10 Ba bang ba ne ba phela lefifing le letsholetsho, ba tlamilwe ke ditlhopheho le ke wona mahlaahlela, 11 hoba ba fetohetse taelo tsa Modimo, ba kgesitse keletso ya Ya Hodimodimo. 12 A ba kokobetsa ka mesebetsi e boima, ba kgothometseha, ho se ya ka ba thusang. 13 Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona. 14 A ba ntsha lefifing, le bodutung, a kgaola ditlamo tsa bona. 15 Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. 16 O ile a pshatla mamati a koporo, a robaka mekwallo ya tshepe. 17 Ba bang ba thotofatswa ke metsamao ya bona e kgopo, ba hlokofatswa ka baka la melato ya bona, 18 ba tenwa ke dijo tsohle; ba ne ba se ba le dintshing tsa lefu. 19 Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba pholosa tsietsing ya bona. 20 A laela, mme ba fola, a ba phemisa lebitla. 21 Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. 22 Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo. 23 Ba bang ba tsamaya lewatleng ka dikepe, ba hweba ka ho haola mawatle. 24 Le bona ba bone mesebetsi ya Morena, le dimakatso tsa hae madibeng. 25 A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle; 26 ba betsetswa hodimodimo, ba theolelwa tlasetlase, ba nyekelwa ke dipelo. 27 Ba tshwarwa ke modikwadikwane, ba thekesela jwaloka matahwa, ba timellwa ke bohlale bohle. 28 Matshwenyehong a bona ba lla ho Morena, mme a ba ntsha tsietsing ya bona. 29 A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa. 30 Ba thaba hobane ho kgutsitse; a ba sesisetsa koung eo ba neng ba leba ho yona. 31 Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho. 32 Ba mo tlotlise phuthehong ya setjhaba, ba mo rorise mokgatlong wa ba baholo. 33 O ne a fetole dinoka lehwatata, le didiba a di fetola baka tse omeletseng. 34 Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng. 35 Lehwatata a le fetola letsha la metsi, naha e tshehla a e fetola didiba. 36 Ba lapileng a ba ahisa ho yona, ba thea motse oo ba ka ahang ho wona. 37 Ba jala masimong, ba lema morara, kotulo ya eba kgolo. 38 A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo. 39 Empa jwale ba qepha, ba kokobetswa, ka baka la ho imelwa ke ditsietsi le mahlomola. 40 A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela. 41 Empa a ntsha mafutsana bohlophehing ba wona, a atisa malapa a wona jwaloka mohlape. 42 Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo. 43 Mang le mang ya bohlale a ke a ele tsena hloko, a ke a utlwisise ketso tsa mohau, mohau wa Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa