Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 106 - BIBELE


Ho se tshepahale ha setjhaba sa Iseraele

1 Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

2 Ke mang ya ka bolelang ketso tse matla tsa Morena, ya ka tumisang thoriso yohle ya hae?

3 Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.

4 Morena, ako nkgopole, ha o sitsa setjhaba sa hao, o nketele, o tlo mpholosa.

5 A nke ke bone katleho ya bakgethwa ba hao, ke be le kabelo thabong ya setjhaba sa hao, ke tle ke ithorise mmoho le bao e leng lefa la hao.

6 Rona le bo-ntata rona re entse dibe, re molato, re kgopo.

7 Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.

8 Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae.

9 A kgalemela Lewatle la Sufe, yaba le a psha; a ba tsamaisa madibeng jwalokaha eka ke sebataolong.

10 A ba pholosa matsohong a ba ba hloileng, a ba namolela matsohong a sera.

11 Metsi a kwahela ba ba lwantshang, ha se ke ha phonyoha le ya mong.

12 Yaba ba qala ho kgolwa tshepiso tsa hae, ba mminela dithoko.

13 Empa ba phakisa ho lebala, ho lebala diketso tsa hae, ba tlohela ho batla keletso ho yena.

14 Ba mpa ba laolwa ke ditakatso tsa bona lefeelleng, ba leka Modimo ba le lehwatateng.

15 A ba nea seo ba neng ba se kopa, athe o tla ba neella ka lefu le ba timetsang.

16 Ba honohela Moshe ba le diahelong, le yena Arone, mohalaledi wa Modimo.

17 Lefatshe la ahlama, la metsa Datane, la kwenya sehlopha sa Abirame.

18 Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo.

19 Ha ba le Horebe, ba ipopela namane, ba kgumamela setshwantsho se bopilweng ka kgauta.

20 Ba lahla tlotla ya Modimo, ba tlotlisa setshwantsho sa pohwana, ntho e jang jwang.

21 Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta,

22 dimakatso naheng ya Kama, le tse tshosang Lewatleng la Sufe.

23 Yaba o re o a ba fedisa, empa Moshe, mokgethwa wa hae, a kena dipakeng, a phoka bohale ba hae hore bo se ba timetse.

24 Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.

25 Ba dumaduma ba le ditenteng tsa bona, ba se ke ba mamela lentswe la Morena.

26 A phahamisa letsoho, a ba hlapanyetsa hore o tla ba bolaela lehwatateng,

27 a qhalanye tloholo tsa bona, a di qhalanyetse hara ditjhaba, a di qhalanyetse dinaheng.

28 Ba kgomarela Baale wa Peore, ba eja mahlabelo a etseditsweng bafu.

29 Ba phephetsa Modimo ka diketso tsa bona, ba welwa ke lefu la sewa.

30 Empa Finease a ema, a ahlola ba molato, yaba lefu la sewa le a fela.

31 Hoo a ho ballwa e le ho loka, ho isa melokong yohle, kamehla le mehla.

32 Ba boela ba halefisa Morena, ba mo halefisa metsing a Meriba, Moshe a ba tsietsing ka baka la bona;

33 ba kgopisa moya wa hae, hoo a bileng a bua a sa inahana.

34 Ha ba a ka ba timetsa ditjhaba jwalokaha Morena a ne a ba laetse;

35 ba mpa ba nyallana le baditjhaba, ba ithuta mekgwa ya bona.

36 Ba sebeletsa medimo ya bona, medimo ya bona ya ditshwantsho, e ileng ya ba fetohela leraba.

37 Ba etsetsa bademona mahlabelo, ka bara le baradi ba bona.

38 Ba tsholla madi a se nang molato, madi a bara le baradi ba bona, ba ba etsa mahlabelo a medimo, medimo ya ditshwantsho ya Kanana: Naha ya silafala ke madi.

39 Ba itshilafatsa ka mesebetsi eo ya bona, ka ketso tseo tsa bona ba kwenehela Morena.

40 Morena a halefela setjhaba sa hae, a nyonya bao e leng lefa la hae.

41 A ba neela matsohong a baditjhaba, ba buswe ke ba ba hloileng.

42 Dira tsa bona tsa ba hatella, ba ba katlasa taolo ya tsona.

43 A nna a ba lopolla ka makgetlokgetlo, ba mpa ba ikgethela ho mo tella, ba tetebela bokgopong ba bona.

44 Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.

45 A hopola selekane sa hae le bona, a ba hauhela ka baka la rato la hae le leholo.

46 A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.

47 Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.

48 Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, a bokwe kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello. Setjhaba sohle se ke se re: “A ho be jwalo!” Haleluja!

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan