Dipesaleme 105 - BIBELEBotshepehi ba Modimo ha bo fetohe 1 Bokang Morena, le rapele lebitso la hae, le tumise diketso tsa hae, le di tumise hara ditjhaba. 2 Mmineleng, le mo roke, le nahane dimakatso tsa hae tsohle. 3 Ithoriseng ka lebitso la hae, lebitso la hae le halalelang, pelo tsa ba batlang Morena di ke di thabe. 4 Batlang Morena le matla a hae; le nne le batle fahleho sa hae, le se batle kamehla le mehla. 5 Hopolang dimakatso tsa hae tseo a di entseng, mehlolo ya hae, le dikahlolo tseo a di boletseng, 6 lona ba leloko la Aborahama, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, bao a ikgethetseng bona. 7 Morena ke yena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle. 8 Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla, tshepiso eo a e entseng, a e etsetsa meloko e sekete; 9 selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, le kano eo a e entseng, a e etsetsa Isaka, 10 hore e be molao o tiileng ho Jakobo, le lekane sa kamehla yohle ho Iseraele, 11 ha a re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e le lefa leo ke o abelang lona.” 12 Ha ba ne ba sa le mmalwana, e le bajaki ba seng bakae naheng eo, 13 ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong, ba eya ho o mong, 14 Modimo ha a a ka a dumela, a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalema dikgosi, a re: 15 “Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.” 16 Jwale a dihela tlala lefatsheng, dijo tsohle tse ba phedisang a di fedisa; 17 yaba o romela monna e le selelekela: Josefa a rekiswa ho ba lekgoba. 18 Ba mo hlokofatsa ka ho mo tlama maoto ka ditshepe, ba mmofa ka mahlaahlela, 19 ho fihlela se etsahala, seo a se boletseng e sa le pele, mme a pakwa ke lentswe la Modimo. 20 Kgosi ya laela hore a tlamollwe, mmusi wa ditjhaba a mo lokolla. 21 Ya mo etsa mookamedi wa lelapa la yona, le mmusi wa tsohle tseo e di ruileng, 22 a tle a rute mahosana ho ya ka thato ya hae, a hlalefise baholo ba setjhaba sa yona. 23 Yaba Iseraele o fallela Egepeta, Jakobo a jaka naheng ya Kama. 24 Modimo a ngatafatsa setjhaba sa hae, a se ngatafatsa haholo, a se matlafatsa ho feta dira tsa sona. 25 A fetola pelo tsa tsona, tsa hloya tjhaba sa hae, tsa sebetsa bahlanka ba hae ka bolotsana. 26 A romela Moshe, mohlanka wa hae, le Arone eo a mo kgethileng. 27 A etsa dipontsho tsa hae ka bona, le dimakatso tsa hae naheng ya Kama. 28 A romela lefifi, mme ha fifala; empa Baegepeta ba hanyetsa, ba hanyetsa polelo tsa hae. 29 Metsi a naha ya bona a a fetola madi, a bolaya le ditlhapi tse ho wona. 30 Naha ya bona ya nyeunya dihohwana, esita le ka matlung a dikgosi tsa bona. 31 A laela, ha hlaha diboba, le menwang, naheng yohle ya bona. 32 Bakeng sa pula a ba nesetsa sefako, mollo wa lehadima wa wela naha ya bona. 33 A senya morara wa bona le feiye, a roba difate tsa naha ya bona. 34 A laela, ha hlaha ditsie, le bookgolane bo se nang palo. 35 Tsa kumola jwang bohle ba naha ya bona, tsa kokona tsohle tse behwang ke naha. 36 A bolaya matsibolo wohle a naha ya bona, bana ba bona ba matswathaka. 37 A ntsha Baiseraele ba kakatetse, ba kakatetse silefera le kgauta, ho se ya tsiapaneng hara meloko ya bona. 38 Egepeta ya thabela ho falla ha bona, hobane e ne e tshohile haholo. 39 A phuphuthisa leru, la ba kwahela; mollo wa ba bonesetsa bosiu. 40 Ba kopa, yaba o ba tlisetsa dikwekwe; a ba kgorisa ka bohobe bo tswang mahodimong. 41 A petsola lefika, metsi a phorosela; a phalla dibataolong eka ke noka. 42 Ke hobane o ne a hopotse tshepiso, tshepiso ya hae e halalelang, ho Aborahama, mohlanka wa hae. 43 A ntsha setjhaba sa hae ka nyakallo, bakgethwa ba hae ka ditlatse tsa thabo. 44 Yaba o ba nea naha tsa baditjhaba, ba ja lefa la mofufutso wa merabe eo, 45 hore ba tle ba boloke ditaelo, ba boloke taelo tsa hae, ba hlomphe melao ya hae. Haleluja! |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa