Dipesaleme 103 - BIBELELerato la Modimo 1 Pesalema ya Davida. Boka Morena, wena moya wa ka; botho bohle ba ka bo boke bitso la hae le halalelang. 2 Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae. 3 Ke yena ya o tshwarelang melato ya hao kaofela, ke yena ya o fodisang mahlokong a hao kaofela. 4 Ke yena ya o lopollang lebitleng, ke yena ya o qhakang ka mohau, ya o qhakang le ka lerato. 5 Ke yena ya o fepang tse molemo bophelong bohle ba hao, hore o boele o ntjhafale, o ntjhafale jwaloka ntsu. 6 Morena o sebetsa ka ho loka, o ahlolela bohle ba hateletsweng. 7 O ne a tsebise Moshe ditsela tsa hae, a bontsha bana ba Iseraele diketso tsa hae tse kgolo. 8 Morena o na le kutlwelobohloko, Morena o mosa; o dieha ho halefa, o tletse mohau. 9 Ha a re tsekise hoyahoile; ha a re jare ka pelo kamehla yohle. 10 Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona. 11 Jwalokaha mahodimo a phahametse lefatshe, le mohau wa Modimo o moholo, o moholo hakaalo ho ba mo tshabang. 12 Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, le ditlolo tsa rona o a di suthisa, o di suthisetsa hole le yena hakaalo. 13 Jwalokaha ntata bana a ba utlwela bohloko, ka mokgwa o jwalo le Morena o utlwela ba mo tshabang bohloko. 14 Ke hobane yena o tseba seo re bopilweng ka sona, ha a lebale hore re lerole feela. 15 Ditshiu tsa motho di tshwana le tsa jwang; o tlokoma jwaloka palesa ya naha; 16 ha moya o foka hodima yona e a fela, ebe ditulo tsa yona di sala di le feela. 17 Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona, 18 ho ba bolokang selekane sa hae, ba hopolang ho phethahatsa ditaelo tsa hae. 19 Morena o beile terone ya hae, o e beile mahodimong, tsohle di tlasa puso ya hae. 20 Bokang Morena, lona mangeloi a hae, lona bahale ba phethang taelo tsa hae, ba mamelang seo a se bolelang. 21 Bokang Morena, lona mabotho a hae wohle, lona basebeletsi ba hae ba phethang thato ya hae. 22 Bokang Morena, lona mesebetsi ya hae yohle, hohle moo a busang teng. Boka Morena, wena moya wa ka. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa