Dipesaleme 10 - BIBELEThapelo ya ho ikopela thuso 1 Morena, o emelang hole hakaalo? O ipatelang nakong ya matshwenyeho? 2 Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng. 3 Ya kgopo o ithorisa ka merero ya hae e mebe, ya meharo o rohaka Morena, o a mo nyedisa. 4 Ya kgopo o swenya dinko, o re: “Modimo ha a phetetse, ha ho na Modimo.” Ke phetho seo a se nahanang. 5 Kamehla o atleha mererong ya hae, dikahlolo tsa hao di mo phahametse, dira tsa hae tsohle o di tadima maotong. 6 Ka pelong ya hae o re: “Nke ke ka sisinngwa ke letho, nke ke ka hlahelwa ke bobe le ka mohla.” 7 Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo. 8 O dula a laletse pela metsana, o bolaya ba se nang molato, o ba bolaya a ipatile. Ka mahlo o tsoma ba tsielehileng, 9 o lalla jwaloka tau e bothile selaong sa yona; o lalla jwalo hore a tle a qhautse mohlophehi, a mo qhautse ka ho mo tshwasa ka leraba la hae. 10 O a qatjhama, a batalle; ya tsielehileng a wele marong a hae. 11 Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.” 12 Thusa, Morena! Oho, Modimo, itokisetse ho otla; o se ke wa lebala bahlophehi. 13 Ya kgopo o nyedisetsang Modimo, ka pelong ya hae a re: “A ke ke a phetetsa?” 14 Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana. 15 Robokela ya kgopo le e mobe, o phetetse bokgopo ba hae bo fele tu! 16 Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae. 17 Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe, 18 ho ahlolela kgutsana le ya hatellwang, hore motho wa lefatshe a se hlole a tshosa ba bang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa