Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 1 - BIBELE


Tsela ya ba lokileng le tsela ya ba kgopo

1 Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;

2 a mpa a thabela Molao wa Morena, Molao oo a o nahana motsheare le bosiu.

3 Eo o jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a nwesetsang, se behang ditholwana ka nako ya tsona, seo mahlaku a sona a sa poneng. Yena o atleha ho tsohle tseo a di etsang.

4 Ba kgopo bona ha ba jwalo; empa ba jwaloka mmoko o fefolwang ke moya.

5 Kahoo ba kgopo ba ke ke ba phema kahlolo, baetsadibe ba ke ke ba balellwa le ba lokileng;

6 hobane Morena o tseba tsela ya ba lokileng, athe tsela ya ba kgopo e isa timelong.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan