BaHebheru 8 - BIBELEMoprista e Moholo wa selekane se setjha 1 Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong. 2 Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho. 3 Moprista e mong le e mong e Moholo o beetswe ho nyehela ka dimpho le ka mahlabelo; ka baka leo, Moprista wa rona e Moholo le yena o tlameha ho ba le ho hong hoo a ka nyehelang ka hona. 4 Hoja o ne a le lefatsheng, e ne e ke ke ya eba moprista, kaha ho na le baprista ba bang ba nyehelang ka dimpho, ho ya ka Molao wa Moshe. 5 Feela bosebeletsi ba bona ke mohlala le setshwantsho sa tse mahodimong, jwalokaha Modimo a ile a lemosa Moshe, ha a le lekgatheng la ho hloma Tente, a re: “Bona, o tla etsa tsohle ho latela seo o neng o se bontshwe ha o le thabeng.” 6 Jwale Jesu o neilwe bosebeletsi bo fetang ba bona, kaha e le mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se theilweng hodima ditshepiso tse ntle ho feta tsa pele. 7 Ha e ne e ba selekane sane sa pele se ne se sa nyatsehe, ho ka be ho sa ka ha hlokahala hore ho be le selekane sa bobedi. 8 Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re: “Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda. 9 Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona, ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, le nna ha ke a ka ka ba natsa, ho rialo Morena. 10 Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka. 11 Motho ha a sa tla hlola a ruta ya ahisaneng le yena, leha e le ngwanabo, a re: ‘Tseba Morena!’ hobane ba tla ntseba bohle, ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang. 12 Ke tla ba tshwarela makgopo a bona, ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.” 13 Ha e le moo a bua ka selekane se setjha, ke hobane sa pele o se tsofaditse, mme ntho e tsofalang, e onelang, eba e haufi le ho fela. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa