BaHebheru 6 - BIBELE1 Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo, 2 ho rutwa tsa dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho ya bafu le kahlolo e sa feleng. 3 Ha Modimo a re dumella, re tla etsa jwalo. 4 Ba kileng ba bontshwa lesedi, ba latswa neo ya lehodimo, ba abelwa Moya o Halalelang, 5 ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla, 6 ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo. 7 Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo. 8 Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe. 9 Baratuwa, leha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le boemong bo botle ba ho pholoswa. 10 Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale. 11 Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong. 12 Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng. Tshepiso e tiileng ya Modimo 13 Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso, 14 a re: “Ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, le ditloholo tsa hao ke di ngatafatse.” 15 Aborahama o ile a tiisetsa, mme ka hona a fumana seo a se tshepisitsweng. 16 Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana. 17 Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe. 18 E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng. 19 Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira, 20 moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa