BaHebheru 13 - BIBELETshebeletso e kgahlisang Modimo 1 Le nne le ratane jwalokaha bana ba motho ba ratana. 2 Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe. 3 Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng. 4 Bohle ba hlomphe lenyalo, mme dikano tsa lona di bolokwe ka botshepehi. Modimo o tla ahlola dihlola le difebe. 5 Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.” 6 Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?” 7 Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona. 8 Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle. 9 Se kgelosweng ke dithuto disele, tsa mefutafuta. Ke ntho e ntle ha pelo ya motho e matlafatswa ka mohau wa Modimo, e seng ka melao e amanang le dijo, e se nang molemo ho ba e latelang. 10 Re na le aletare, eo basebeletsi ba Tente ba se nang tokelo ya ho jela ho yona. 11 Moprista e Moholo o tlisa madi a diphoofolo Sehalalelong e le nyehelo ka baka la sebe, empa ditopo tsa tsona di tjhesetswa kantle ho diahelo. 12 Ke ka lebaka lena Jesu a ileng a hlokofaletswa kantle ho kgoro ya motse, e le hore a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae. 13 Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae. 14 Mona lefatsheng ha re na motse wa kamehla, empa re ipatlela motse o tlang ho tla. 15 Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae. 16 Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo. 17 Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho. 18 Re rapelleng. Re kgodisehile hore matswalo a rona a kgutsitse, hobane re rata ho ba le metsamao e metle dinthong tsohle. 19 Haholoholo ke ipiletsa ho lona hore le etse jwalo, e le hore Modimo a tle a nkgutlisetse ho lona kapele. Tlhohonolofatso le ditumediso tsa ho qetela 20 Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng, 21 a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo! 22 Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane. 23 Tsebang hore ngwanabo rona Timothea o lokolotswe. Haeba a ka fihla ka nako, re tla tla le yena ho le hlwela. 24 Dumedisang batsamaisi bohle ba lona le badumedi bohle. Ba Italia ba a le dumedisa. 25 Mohau o ke o be le lona bohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa