Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

BaHebheru 1 - BIBELE


Lentswe la Modimo le tla ka Mora wa hae

1 Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,

2 empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.

3 Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.

4 O entswe e moholo ho feta mangeloi, jwalokaha lebitso leo Modimo a mo neileng lona le feta a mangeloi.


Mora o moholo ho feta mangeloi

5 Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse?” “Kapa a re: “Ke tla ba Ntatae, le yena e be Mora wa ka?”

6 Hape mohla a romelang Mora wa hae wa letsibolo lefatsheng, a na a re: “Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.”

7 Ha e le ka mangeloi ho itswe: “O etsa mangeloi a hae meya, le basebeletsi ba hae malakabe a mollo.”

8 Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.

9 O rata ho loka, o hloile bokgopo; kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane bohle ba hao.”

10 Hape ho itswe: “Wena Morena, tshimolohong o ne o hlole lefatshe, mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.

11 Tsohle di tla timela, empa wena o tla sala; tsohle di tla tsofala jwaloka seaparo.

12 O tla di phuthaphutha jwaloka kobo, mme di tla fetoha jwaloka seaparo. Empa wena haesale e le wena, dilemo tsa hao di ke ke tsa fela.”

13 Ke lefe la mangeloi leo Modimo a kileng a re ho lona: “Dula ka letsohong la ka le letona, ho fihlela ke bea dira tsa hao katlasa maoto a hao?”

14 Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan