Baahlodi 5 - BIBELESefela sa Debora le Barake 1 Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re: 2 “Kaha baetapele ba Iseraele ba eteletse Baiseraele pele, kaha setjhaba se ikentse sehlabelo ka boithaopo, lona rorisang Morena! 3 “Lona dikgosi mamelang, lona mahosana sekehang tsebe, nna ke tla binela Morena, ke binele Morena Modimo, Modimo wa Iseraele. 4 “Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele. 5 Dithaba tsa qhibidiha kapela Morena, le Sinai ya qhibidiha kapela Morena Modimo wa Iseraele. 6 “Mehleng ya Shamegare mora wa Anate, mehleng ya Jaele ditsela tsa mela mohlwa, batsamai ba hlahlathela ka ditselana. 7 Iseraele ya hloka babusi, ya ba hloka ho fihlela nna Debora ke ema ka maoto, ke le mma Baiseraele. 8 Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo? 9 Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena! 10 “Lona ba palamang ditonki, tonki tse tshweu, lona ba dutseng dibutshabutsheng, le lona bo-mofetakatsela, bolelang jwalo. 11 Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse. 12 “ ‘Phaphama, phaphama, Debora! Phaphama, phaphama, phokola sefela! Tsamaya Barake, mora wa Abinoame, o kganne bathopuwa ba hao!’ 13 “Masalla a mahosana a theoha, tjhaba sa Morena sa theoha jwaloka bahale ho nthusetsa. 14 Banna ba Efraime ba theohela naheng ya Amaleke, Benjamine a o latela a le hara mabotho a hao. Balaodi ba theoha ba etswa ha Makiri, ha Sebulone ha tswa ba nkileng mokgele wa molaodi. 15 Mahosana a Isakare a tsamaya le Debora, Isakare le yena a tsamaya le Barake, ya eba letlaburu retheng tsa hae ho leba kgohlong. Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa. 16 Le duletseng hara mehlape ya lona, le mametse makodilo a badisana? Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa. 17 Gileade a itulela mose ho Jorodane, Dane yena o duletseng ka dikepeng? Ashere yena o ituletse lebopong la lewatle, o iphomoletse dikoung tsa lona. 18 Morabe wa Sebulone o ipeile kotsing ya lefu, le wa Nafthali o entse jwalo o le hodima dithaba. 19 “Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera. 20 Dinaledi tsa lwana di le hodimo, tsa lwantsha Sisera di le tseleng ya tsona. 21 Molapo wa Kishone wa ba hohola, molapo wa boholoholo, molapo wa Kishone; ba hatakele ka matla, wena moya wa ka! 22 Tlhako tsa dipere tsa tilaka fatshe, tsa tilaka fatshe ha natla di baleha. 23 “ ‘Rohaka Merose,’ ho rialo ngeloi la Morena, ‘O rohake, o rohake le baahi ba yona, hobane ha ba a ka ba thusa Morena, ha ba a ka ba thusa Morena direng tsa hae.’ 24 “Ho lehlohonolo Jaele hara basadi, yena mosadi wa Hebere wa Mokene, o lehlohonolo hara basadi bohle ba phelang ditenteng. 25 Sisera a kopa metsi, Jaele a mo nea lebese, a mo tlisetsa lebejana ka mohope wa mahosana. 26 Ka tsoho le letshehadi a nka thakgisa ya tente, ka tsoho le letona a nka noto, a ngaba Sisera ka yona, a pshatla hata la hae, a kgokgothella thakgisa tlhafunelong ya hae. 27 Sisera a wela fatshe maotong a hae, a wela fatshe, a tjapalla, a wela maotong a hae, a tjapalla, a shwela moo a wetseng teng. 28 “Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: ‘Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?’ 29 Tse bohlalehlale tsa kgosatsana tsa hae di a mo araba, e, le yena o bile o a ikaraba: 30 ‘Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo, mohlabani ka mong o abelwa morwetsana, kapa o abelwa barwetsana ba le babedi; Sisera o abelwa seaparo se mebala, seaparo se mebala, se homilweng; aparo tse pedi, tse homilweng, tsa molaleng, ke tsa ka!’ 31 “Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa