Amose 8 - BIBELEAmose o bontshwa seroto se tletseng ditholwana 1 Hape Morena Modimo a mpontsha sena: E ne e le seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng. 2 A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela. 3 Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “dipina tse binwang ka tlung ya bokgosi di tla fetoha diboko. Ditopo tse ngatangata di tla rapalla kahohle, ho kgutsitse tuu!” Ho timetswa ha Baiseraele 4 Lona ba hatakelang bahloki, utlwang mona! Lona ba timetsang mafutsana, mafutsana a naha ena. 5 Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang? 6 Re reka mafutsana ka silefera, re ananya mohloki ka meqathatso, re rekisa koro le ditlhoka tsa yona?” 7 Morena, yena eo Jakobo a ithorisang ka yena, o ikanne, a re: “Ha nka ke ka lebala le e nngwe ya diketso tsa bona. 8 “Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta. 9 “Mohlang oo,” ho rialo Morena Modimo, “Ke tla diketsa letsatsi hara mpa motsheare, fifi le kwahele lefatshe motsheare o moholo. 10 Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola. 11 “Matsatsi a a tla,” ho rialo Morena Modimo, “ao ka wona ke tla dihela naha ena sekoboto, e seng sekoboto sa ho hloka dijo feela, leha e le lenyora la ho nyorelwa metsi; e tla ba sa ho hlolohelwa lentswe la Morena, empa lentswe leo ha ba ka ke ba le utlwa. 12 Batho ba tla lelera le mawatle wohle, ba phaqole ho tloha leboya ho ya botjhabela, ba ntse ba batla lentswe la Morena, empa ha ba ka ke ba le fumana. 13 “Mohla tsatsi leo, pabala tsa barwetsana le tsa bahlankana, di tla akgeha, di akgehiswe ke lenyora. 14 Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa