Amose 6 - BIBELEHo timetswa ha Baiseraele 1 Lona ba iketlileng le le Sione le madimabe, le lona ba tshabetseng thabeng tsa Samaria; lona baetapele ba tjhaba se kapele ho tse ding, bao ntlo ya Iseraele e phallelang ho bona! 2 Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona? 3 Ha le dumele hore tsatsi la koduwa le haufi, empa ketso tsa lona di a le atametsa, di atametsa puso e sehloho! 4 Le paqama mealong e kgabisitsweng, e kgabisitsweng ka manaka a tlou; le kakalla tulong tsa lona, tulong tse butshabutsha, le ja nama ya dikonyana e bonojwana, le je le ya manamane a nontshitsweng. 5 Le letsa harepa tsa lona jwaloka Davida, pina tsa diletsa le di qapele seemeng. 6 Veine ya lona le e nwa ka mopotjwana, le itlotse ka ditlolo tsa bohlokwa, empa ha le llele ho timetswa ha Josefa. 7 Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela. Morena o nyonya boikakaso ba Baiseraele 8 Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.” 9 Haeba ho ka sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa. 10 Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.” 11 Morena ke yena ya laelang: Ntlo e kgolo o tla e pshatlaka, e nyenyane le yona a e thuake. 12 Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa. 13 Lona ba thabelang Lo-Dabare, lona le re: “Na ha re a ikgapela Karanaime, ra ikgapela yona ka matla a rona?” 14 Morena Modimo wa mabotho o re: “Lona Baiseraele, ke tla le phepheletsa setjhaba, se le hatelle ho tloha Kgalong la Hamate, se le hatelle ho ya fihla Kgohlong ya Araba.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa