Amose 3 - BIBELE1 Lona Baiseraele, mamelang seo Morena a le bolellang sona, lona setjhaba sohle seo a se ntshitseng naheng ya Egepeta: 2 “Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.” Thomo ya moporofeta 3 Na ba babedi ba ka tsamaisana tsela ba sa ka ba dumellana ho etsa jwalo? 4 Na tau e ka puruma hara moru, ya puruma e sa bolaya nyamatsane? Na tawana e ka rora ka selaong sa yona, ya rora ho se seo e se tshwereng? 5 Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba, la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho? Na sefi se ka raha mokgwephetsane, ho se letho le thetsitseng mokgwephetsane? 6 Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo? 7 Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta. 8 Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang. Ho timetswa ha Samaria 9 Hlabang mokgosi, le o hlabele matlo a dikwele, dikwele tsa Ashedode, le o hlabele le a Egepeta, le re: “Phuthehelang dithabeng, thabeng tsa Samaria, le bone meferefere e kahara motse, le bone kgatello e hara baahi ba wona. 10 “Ba bokellang qhoqha, ba bokelle kgapo, ba e bokelle ka matlung a dikwele tsa bona, ha ba tsebe ho etsa ho nepahetseng,” ho rialo Morena. 11 Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Sera se tla futuhela naha, se e futuhele kahohle, marako a lona a tshireletso se a heletse, matlotlo a matlo a dikwele tsa lona se a hahare.” 12 Morena o bua tjena: “Jwalokaha modisa a hlotha hanong la tau meomo e mmedi feela kapa ntlhana ya tsebe, Baiseraele le bona ba tla pholoswa jwalo, bona ba phelang naheng ya Samaria, motho a nkile tsekana sa moalo wa hae, kapa a nkile otwana la setulo sa hae. 13 “Mamelang, mme bopaki ba lona bo qose ntlo ya Jakobo,” ho rialo Morena, Morena Modimo wa mabotho. 14 “Mohla ke otlang Baiseraele, ke ba otlela dibe tsa bona, ke tla heletsa dialetare, aletare tsa Bethele; manakana a aletare a tla kgaolwa, a kgaolwe, a be a wele fatshe. 15 Ntlo e dulwang mariha ke tla e heletsa, ke heletse le e dulwang hlabula; matlo a kgabisitsweng, a kgabiswa ka manaka a tlou, a tla heletswa, mehohoma ya matlo e fetohe masupi,” ho rialo Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa