2 Marena 4 - BIBELEElisha o thusa mohlolohadi wa mofutsana 1 Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.” 2 Elisha a re ho yena: “Nka o thusa kang? Ako mpolelle: O na le eng ka tlung ya hao?” Mosadi a re: “Lekgabunyane la hao ha le sa na letho ka tlung, haese pitsana ya ole feela.” 3 Yaba Elisha o re: “Tsamaya, o yo adima dipitsana tse sa tshelang letho, ho bohle bao o ahisaneng le bona. O hle o adime tse ngata. 4 Ha o se o kene ka tlung ya hao, o ikwalle kateng le bara ba hao. Jwale o tshele ole ka dipitsaneng tsohle, mme pitsana e tlalang o e beelle kathoko.” 5 Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona. 6 Ha dipitsana tsena di se di tletse tswete, a re ho mora wa hae: “Ntlisetse e nngwe hape.” Mora wa hae a re ho yena: “Ha ho sa na e nngwe.” Yaba ole e kgaotsa ho tswa. 7 Mosadi eo a tla, a bolella moporofeta wa Modimo, mme yena a re: “Tsamaya, o yo rekisa ole ena, o lefe molato wa hao. Wena le bara ba hao le tla iphedisa ka e setseng.” Elisha le mosadi ya ruileng wa Shuneme 8 Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse. 9 Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo. 10 A re ke re hahe kamorenyana kahodima marulelo, re mmeele bethe, le tafole, le setulo, le lebone, e le hore kamehla ha a re fapohetse, a no phomola ka ho yona.” 11 Ka letsatsi le leng Elisha a fihla moo, a kena ka kamoreng, a phomola kateng. 12 Elisha a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Ako mpitsetse mosadi eo wa Moshuneme.” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a fihla a ema kapele ho Elisha. 13 Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: ‘O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho?’ ” Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.” 14 Elisha a re: “Jwale re ka mo etsetsa eng?” Gehasi a re: “Ha a na ngwana, le monna wa hae o se a tsofetse.” 15 Elisha a re: “Mmitse hape!” Ha a se a mmitsitse, mosadi eo a ema monyako. 16 Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.” 17 Empa mosadi eo a ithwala, mme ka yona nako eo, ka selemo se hlahlamang, a beleha mora, jwalokaha Elisha a ne a ile a mmolella. 18 Ka letsatsi le leng, ha ngwana a se a hodile, a tsamaya, a ya ho ntatae, ho bakotudi. 19 A re ho ntatae: “Hlooho ya ka e a opa! Hlooho ya ka e a opa!” Ntatae a re ho mohlankanyana e mong: “Mo ise ho mmae!” 20 Mohlankanyana eo a mo nka, a mo isa ho mmae. Mmae a mo sika ho fihlela hara mpa ya motsheare, mme yaba o a shwa. 21 Mosadi enwa a mo isa kamoreng ya Elisha, a mmea betheng ya moporofeta eo wa Modimo, a tswa, a mo kwalla ka tlung. 22 A bitsa monna wa hae, a re: “Ke a o kopa: Ako nthomelle e mong wa bahlankana, le e nngwe ya ditonki, nke ke potlakele ho moporofeta wa Modimo, ke be ke kgutle.” 23 Monna wa hae a re: “Ke ka lebaka lang o yang ho yena kajeno? Kgwedi ha ya tshwasa, ebile hase Sabatha!” Mosadi a re: “Ho lokile!” 24 A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.” 25 Yaba o a tsamaya, mme a fihla ho moporofeta wa Modimo, thabeng ya Karamele. Moporofeta wa Modimo a mmona a sa le hole, mme a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: “Bona mosadi wa Moshuneme ke yane! 26 Ke a o kopa: Matha o mo kgahlanyetse, mme o re ho yena: ‘O phela jwang? Monna wa hao yena o phela jwang? Ngwana yena o phela jwang?’ ” Mosadi a araba, a re: “Hantle!” 27 Ha mosadi a fihla thabeng, ho moporofeta wa Modimo, a mo tshwara maotong. Gehasi a re o a mo tlosa, empa moporofeta wa Modimo a re: “Mo tlohele; o tshwenyehile haholo. Morena o mpatetse taba ena, ha a ya mpolella yona.” 28 Yaba mosadi o re: “Na nkile ka kopa ngwana ho monga ka! Na ha nka ka re: ‘O se ke wa nthetsa’?” 29 Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.” 30 Yaba mma ngwana o re ho Elisha: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Elisha a ema, a latela mosadi eo. 31 Gehasi a ba etella pele, mme ha a fihla a bea molamu hodima sefahleho sa ngwana, empa ngwana a se ke a bua, kapa a hlasimoloha. Ka baka leo, Gehasi a kgutla ho ya kgahlanyetsa Elisha, mme a mmolella, a re: “Ngwana ha a ya tsoha.” 32 Ha Elisha a kena ka tlung a fumana ngwana a le hodima bethe ya hae, a shwele. 33 Yaba o a kena, o ikwalla le ngwana, o rapela Morena. 34 A hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa ngwana; mahlo a hae a eba hodima mahlo a ngwana, le matsoho a hae a eba hodima matsoho a ngwana. A paqama hodima ngwana, mme ngwana a qala ho futhumala. 35 Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha. 36 Elisha a bitsa Gehasi, a re: “Bitsa mosadi yane wa Moshuneme.” Gehasi a mmitsa. Hoba mosadi eo a kene kamoo Elisha a neng a le kateng, Elisha a re ho yena: “Nka mora wa hao.” 37 Mosadi a itihela maotong a Elisha, a obamela fatshe, a nka mora wa hae, a tswa. Mehlolo e mmedi 38 Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.” 39 E mong wa bona a ya naheng ho ya kga moroho. A fumana monyaku, a kga ditholwana tsa wona, tsa tlala seaparo sa hae, a fihla a o kgabella ka pitseng ya lesheleshele, hobane ba ne ba sa o tsebe. 40 Ba qhatsetsa banna bao hore ba ke ba habole. Ha ba qala ba habola lesheleshele leo, ba howa, ba re: “Oho, moporofeta wa Modimo, ba re tsheletse!” Yaba ha ba sa le habola. 41 Moporofeta a re: “Tlisang phofo!” A faha pitsa ka phofo eo, mme a re: “Qhatsetsa batho bana, ba habole!” Lesheleshele le ne le se le se na kotsi. 42 Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.” 43 Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tse kaalenyana tsee, ke tla di abela banna ba lekgolo jwang?” Elisha a pheta, a re: “Di fe batho bana, ba je, hobane Morena o bua tjena: ‘Ba tla ja, ba be ba di siye.’ ” 44 Yaba o ba abela tsona. Ba eja, ba ba ba di siya, ho ya kamoo Morena a ileng a bua kateng. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa