2 Marena 20 - BIBELEHo kula le ho fola ha kgosi Hesekiya ( Esa. 38:1-8 , 21-22 ; 2 Dik. 32:24-26 ) 1 Mehleng eo, Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: ‘Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela.’ ” 2 Jwale Hesekiya a retelehela leboteng, a rapela Morena, a re: 3 “Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko. 4 Esaya o ne a eso tswe ka lebaleng le kahare, ha lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: 5 “Kgutla, o yo bolella Hesekiya, moetapele wa setjhaba sa ka, o re ho yena: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo, Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Bona, ke tla o fodisa. Ka letsatsi la boraro o tle o nyolohele ka Tempeleng ya Morena. 6 Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano. Wena, le ba motse ona, ke tla le namolela matsohong a kgosi ya Asiria. Motse ona ke tla o sireletsa ka lebaka la ka, le ka lebaka la mohlanka wa ka Davida.’ ” 7 Yaba Esaya o re: “Tlisang polokwana ya mangangajane a feiye!” Ba e nka, ba e tlamella hodima lethopa, mme a fola. 8 Jwale Hesekiya a re ho Esaya: “Pontsho ya hore Morena o tla mphodisa, le hore ke tla be ke nyolohele ka Tempeleng ya Morena ka letsatsi la boraro, e tla ba efe?” 9 Esaya a re: “Pontsho ya hore Morena o tla phethisa seo a se buileng ke ena: Na o rata ha moriti o ka tjhetjhella pele ka mehato e leshome, kapa o ka tjhetjhella morao ka mehato e leshome?” 10 Hesekiya a araba, a re: “Ho bonolo hore moriti o tjhetjhelle pele ka mehato e leshome; ere o tjhetjhelle morao ka mehato e leshome.” 11 Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase. Maqosa a tswang Babilona ( Esa. 39:1-8 ) 12 Ka yona nako eo, Merodake-Baladane, mora wa Baladane, kgosi ya Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Hesekiya, hobane o ne a ile a utlwela tsa ho kula ha hae. 13 Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona. 14 Yaba moporofeta Esaya o fihla ho kgosi Hesekiya, o re ho yena: “Banna baa ba itseng? Ba itse ba tswa kae?” Hesekiya a araba, a re: “Ba tswa naheng e hole, ya Babilona.” 15 Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?” Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka, leo ke sa ba bontshang lona.” 16 Yaba Esaya o re ho Hesekiya: “Mamela lentswe la Morena: 17 ‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena. 18 Ba bang ba bara ba hao, ba tla tswalwa ke wena, ba tla thopuwa, e yo ba bahlanka ka tlung ya kgosi ya Babilona.” 19 Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.” Qetello ya puso ya Hesekiya ( 2 Dik. 32:32 , 33 ) 20 Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda. 21 Jwale Hesekiya a shwa, mme Manase, mora wa hae, a mo hlahlama. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa