Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

2 Marena 19 - BIBELE


Kgosi Hesekiya o kopa keletso ho moporofeta Esaya
( Esa. 37:1-7 )

1 Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena.

2 Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.

3 Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho ba beleha ha a yo.

4 Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”

5 Ha bahlanka ba kgosi Hesekiya ba fihla ho Esaya,

6 yena a re ho bona: “Bolellang monga lona, le re: ‘Morena o bua tjena: O se ke wa tshoswa ke mantswe ao o a utlwileng, ao balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria ba nnyefotseng ka wona.

7 Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


Baasiria ba sokela baahi ba Jerusalema hape
( Esa. 37:8-20 )

8 Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.

9 Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:

10 “Le bolelle Hesekiya, kgosi ya Juda, le re: ‘O se ke wa thetswa ke Modimo wa hao, eo o mo tshepileng, ha a re Jerusalema e ke ke ya hapuwa ke kgosi ya Asiria.

11 O utlwile seo dikgosi tsa Asiria di se entseng dinaheng tsohle, ka ho di timetsa ho hang; jwale wena o tla phonyoha jwang?

12 Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?

13 E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa?’ ”

14 Hesekiya a amohela lengolo leo a le neilweng ke maqosa ao, a le bala. Yaba o nyolohela ka Tempeleng ya Morena, o fihla a phutholla lengolo leo kapele ho Morena.

15 A rapela Morena, a re: “Oho, Morena Modimo wa Iseraele, wena eo terone ya hao e leng pakeng tsa dikerubime, ke wena o le mong feela o leng Modimo wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng lehodimo le lefatshe.

16 Morena, ako sekehe tsebe ya hao, o mamele; Morena, ako tadime, o bone, mme o utlwe mantswe ao Saneheribe a a rometseng ho nyedisa Modimo ya phelang.

17 “Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba le dinaha tsa tsona;

18 di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, mme ke kahoo e timeditsweng.

19 Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”


Esaya o romela molaetsa ho kgosi Hesekiya
( Esa. 37:21-38 )

20 Yaba Esaya, mora wa Amose, o romela molaetsa ho Hesekiya, o re: “Morena Modimo wa Iseraele o bua tjena: ‘Ke utlwile thapelo ya hao malebana le Saneheribe, kgosi ya Asiria.’

21 Morena o buile mantswe ana, malebana le Saneheribe: “ ‘Moradi wa Sione, wa morwetsana, o o nyedisitse, a o ja tlepane; moradi wa Jerusalema o o thukuthela hlooho.

22 O omantse mang, wa mo ja tlepane? Ke mang eo o ntseng o mo kgaruma? Ke mang eo o mo tlodisang mahlo hodimo? Ke yena Ya Halalelang, wa Iseraele!

23 Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: “Ka tshwele la kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.

24 Ka tjheka didiba, ka nwa metsi a baditjhaba, maoto a ka a pshesa melatswana yohle ya Egepeta.”

25 “ ‘Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, o e timetse, e be masupi.

26 Baahi ba tsona ba fellwa ke matla, ba tsieleha, ba tsherehana; ba ba jwaloka jwang ba naha, ba ba jwaloka semela se setalana, jwaloka sehlethele sa jwang hodima ntlo, jwaloka koro e phutsang e eso tswale.

27 “ ‘Feela ke tseba leaho la hao, ke tseba mesebetsi ya hao le ho mpurumela ha hao.

28 Ke utlwile ho mpurumela ha hao, le lerata la hao, kahoo ke tla kenya kgwathatha, ke e kenye nkong ya hao, ke kenye le tomo ka hanong la hao, ke be ke o kgutlise le mehlala ya hao.

29 “ ‘Sena e tla ba pontsho ho wena: Monongwaha le tla ja matshwabodi, isao le je tse tswalwang ke dirite; ka sa boraro le tla jala le kotule, le hlome morara, le je tholwana tsa ona.

30 Masalla a ntlo ya Juda a tla tsoha, ho hlahe tlobo le letjha, a anafale,

31 Jerusalema ho tla ba le masalla, thabeng ya Sione ho be le ba phonyohileng, hona ho phethahatswa ke Morena, ka tjheseho.’

32 “Ka baka lena, Morena ha a bua ka kgosi ya Asiria o re: ‘Kgosi eo e ke ke ya kena ho ona motse, e ke ke ya o fula ka motsu, kapa ya o futuhela e tshwere thebe, kapa ya o hahela marako a thibella.

33 E tla kgutla le mehlala ya yona, e ke ke ya kena ho ona motse,’ ho rialo Morena.

34 ‘Motse ona ke tla o sireletsa, ke o pholose, ke o pholosetse nna le mohlanka wa ka Davida.’ ”

35 Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.

36 Yaba Saneheribe, kgosi ya Asiria, o a kokotoloha, o kgutla le mehlala, o ya dula Ninife.

37 Ka tsatsi le leng, ha a ntse a rapela, a le ka tempeleng ya Niseroke, modimo wa hae, bo-Adarameleke le Saresere, bara ba hae, ba mmolaya ka sabole. Ba balehela naheng ya Ararate, mme Asare-Hadone, mora wa hae, a mo hlahlama.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan