2 Marena 11 - BIBELEAtaleya o bolaya ba lelapa la kgosi ya Juda ( 2 Dik. 22:10-12 ) 1 Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi. 2 Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe. 3 Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosheba a pata Jowashe ka Tempeleng ya Morena. Jowashe o etswa kgosi ( 2 Dik. 23:1-11 ) 4 Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi. 5 Yaba o a ba laela, o re: “Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, se tla lebela le ntlo ya kgosi. 6 Sehlopha sa bobedi se tla lebela kgorong ya Sure, sa boraro sona se lebele kgorong e kamorao ho ntlo ya balebedi. Le tla lebela ntlo ya kgosi ho e sireletsa. 7 Dihlopha tsa lona tse pedi, tse phomolang ka Sabatha, di tla lebela Tempele ya Morena, di sireletse kgosi. 8 Le tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Ya tla leka ho le phunyeletsa a bolawe! Le be le kgosi hohle moo e yang teng.” 9 Balaodi ba ba makgolo ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng; motho le motho a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha, le ba phomolang ka Sabatha, ba ya ho moprista Jehoyada. 10 Moprista a nea balaodi ba ba makgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Morena. 11 Balebedi ba ema ba teetse kgosi hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae; theko ya bona ya tloha ntlheng e ka letsohong le letona la Tempele, ho isa ntlheng e ka letsohong le letshehadi, ba potapota Tempele le aletare. 12 Jwale moprista Jehoyada a hlahisa mora wa kgosi, a mo rwesa mofapahlooho, a mo nea le Buka ya Molao. Yaba Jowashe o a tlotswa, o etswa kgosi. Setjhaba sa opa mahofi, sa re: “Kgosi e ke e re phelele!” Lefu la Ataleya ( 2 Dik. 23:12-15 ) 13 Ha Ataleya a utlwa ditlatse tsa balebedi le tsa setjhaba, a tla ho sona ka Tempeleng ya Morena. 14 Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!” 15 Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.” 16 Yaba ba a mo tshwara, ba mo ntsha ka tsela ya dipere, e kenang ka tlung ya kgosi, mme ba mmolaela hona moo. Jehoyada o etsa diphetoho ( 2 Dik. 23:16-21 ) 17 Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba. 18 Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi. 19 Jehoyada a nka balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba ntlo ya kgosi, hammoho le setjhaba sohle, ba tlosa kgosi Tempeleng ya Morena. Ba tsamaya ka tsela e fetang kgorong ya balebedi, ba ya tlung ya kgosi, mme kgosi ya fihla ya dula setulong sa bokgosi. 20 Kamora hoba Ataleya a bolaelwe pela ntlo ya kgosi ka sabole, setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso. 21 Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa