2 Dikronike 27 - BIBELEPuso ya Jotame, kgosi ya Juda ( 2 Dikg. 15:32-38 ) 1 Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke. 2 Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa. Feela ha a a ka a kena ka Tempeleng ya Morena. Setjhaba sona sa nna sa etsa bokgopo. 3 Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo. 4 Le dithabeng tsa naha ya Juda a haha metse, mme merung a haha diqhobosheane le ditora. 5 A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo. 6 Jotame a matlafala, hobane o ne a tshepahala ho Morena Modimo wa hae. 7 Diketso tse ding tsa Jotame, le dintwa tsohle tsa hae, le mesebetsi ya hae, tsena di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda. 8 O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. 9 Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa