2 BaThesalonika 3 - BIBELERe rapelleng 1 Bana beso, re qetella ka ho re le re rapelle, e le hore lentswe la Morena le nne le anafale, le tlotliswe, jwalokaha le se le tlotlisitswe ho lona. 2 Re rapelleng hore re tle re namolelwe bathong ba sa lokang, ba kgopo, hobane hase bohle ba nang le tumelo. 3 Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe. 4 Morena o re fa tshepo ya hore le ntse le etsa, mme le tla nne le etse seo re le laelang sona. 5 Morena a ke a sokollele dipelo tsa lona leratong la Modimo le tiisetsong e kang ya Kreste. Kotsi ya ho ba sekgoba 6 Bana beso, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste re le laela hore le kgaohane le bana babo lona bohle ba phelang e le dikgoba, e seng ka meetlo eo re le neeleditseng yona. 7 Lona le tseba kamoo le tlamehang ho re etsisa kateng. Ha re a ka ra ba dikgoba ha re ne re ena le lona, 8 leha e le ho ja dijo tsa motho re sa lefe letho. Empa re ile ra sebetsa ka thata, ra fufulelwa motsheare le bosiu, e le hore re se ke ra kgoka le ya mong wa lona. 9 Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise. 10 Ha re ne re sa na le lona, re nnile ra le laela hore haeba e mong a sa rate ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja. 11 Jwale re utlwa hore ba bang ba teng hara lona ba phelang e le dikgoba, ba sa sebetseng letho, ba itshunyakang hohle tabeng tsa ba bang. 12 Ka Morena wa rona Jesu Kreste, ba jwalo re a ba laela, mme re ba kgothaletsa hore ba sebetse ka kgotso, ba sebeletse tseo ba ka di jang. 13 Ha e le lona, bana beso, le se kgathale ho etsa hantle. 14 Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong. 15 Feela le se mo nke e le sera, empa le mo kgalemele e le ngwanabo lona. Tlhohonolofatso 16 Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle. 17 Tumediso ena e ngotswe ka letsoho la ka, nna Paulosi. Mangolong wohle a ka ke ngola tjena; ona ke mongolo wa ka. 18 Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o ke o be le lona bohle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa