1 Timothea 4 - BIBELEBokwenehi bo tlang 1 Moya o bolela ka ho totobala hore mehleng ya morao ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e kgelosang, le dithuto tsa bademona, 2 ka baka la boikaketsi ba batho ba buang leshano, bao matswalo a bona a nang le letshwao la dibe tsa bona. 3 Ba tla thibela batho ho nyalana, ba re ho ilwe dijo tse itseng, athe Modimo o di etseditse hore di jewe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete ka ho tlala. 4 Tsohle tseo Modimo a di hlodileng di ntle, mme ha ho letho la tsona le tshwanetseng ho lahlwa, empa eka kgona tsohle di amohelwe ka teboho, 5 hobane di halaletswa ka lentswe la Modimo le ka thapelo. Mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu 6 Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko. 7 Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi. 8 Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang. 9 Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala. 10 Ha e le mona re sebetsa ka thata, re bile re lwana, ke hobane re tshepile Modimo ya phelang, eo e leng Mopholosi wa batho bohle, haholoholo ba dumelang. 11 O ba laele, mme o ba rute tsena. 12 Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki. 13 Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute. 14 O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho. 15 Thahasella dintho tsena, ikakgele ho tsona ka setotswana, hore katleho ya hao e tle e bonahale ho bohle. 16 Itlhokomele, o hlokomele le thuto ya hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa jwalo o tla ipholosa, o be o pholose le ba o mamelang. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa