1 Timothea 2 - BIBELETsa thapelo 1 Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle, 2 le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho. 3 Hona ho hotle, mme ho kgahlisa Modimo, Mopholosi wa rona, 4 ya ratang hore batho bohle ba pholohe, mme ba tsebe nnete. 5 Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho, 6 ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng. 7 Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano. 8 Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano. 9 Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. 10 Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo. 11 Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle. 12 Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa, 13 hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva. 14 Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao. 15 Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa