1 Samuele 26 - BIBELEDavida o hauhela Saule hape 1 Basife ba fihla Gibea, ho Saule, ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lehwatata.” 2 Saule a tsamaya, a theohela lehwatateng la Sife, a ena le banna ba dikete tse tharo ba mokgetho wa Baiseraele, ho ya batla Davida lehwatateng la Sife. 3 Saule a hloma hodima leralla la Hakila, le pela tsela, lehwatateng. Davida o ne a ntse a le lehwatateng, mme a bona hore Saule o ntse a mo setse morao ho ya fihla lehwatateng leo. 4 Davida a romela dihlwela, mme tsa mmolella hore ke nnete, Saule o teng. 5 Davida a tsamaya, a ya fihla moo Saule a hlommeng teng. Davida a bona moo bo-Saule, le Abinere mora wa Nere, eo e neng e le molaodi wa mabotho a Saule, ba robetseng teng. Dikariki tsa ntwa di ne di entse sakanalankope, Saule a robetse kahara lona, mme bahlabani ba hlomme ho potapota Saule. 6 Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.” 7 Jwale bo-Davida le Abishai ba fihla ho bahlabani ba Saule bosiu, mme ba bona Saule a robetse kahara sakanalankope le entsweng ka dikariki tsa ntwa, lerumo la hae le hlonngwe fatshe pela hlooho ya hae, bo-Abinere le bahlabani ba robetse ba mo potapotile. 8 Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.” 9 Empa Davida a re ho Abishai: “O se ke wa mmolaya! Ke mang ya ka phahamisetsang motlotsuwa wa Morena letsoho, yaba ha a fumanwe a le molato?” 10 Davida a boela a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o se ke wa leka! Ke Morena ya tla mmolaya. Nako ya ho shwa ha hae e tla fihla, kapa o tla bolaelwa ntweng. 11 Morena a mpe a nthibele, ke se ke ka phahamisetsa motlotsuwa wa hae letsoho. Jwale ke a o rapela: Nka lerumo le pela hlooho ya hae, le lekuka la metsi, re tsamaye.” 12 Ka mokgwa o jwalo Davida a nka lerumo le lekuka la metsi le pela hlooho ya Saule, yaba ba a tsamaya. Ha se ke ha eba le motho le ya mong ya ileng a bona, kapa a tseba se etsahetseng, kapa ya kileng a phaphama. Bohle ba ne ba kgalehile, hobane Morena o ne a ba isitse le sephume sa boroko. Davida o soma Abinere 13 Jwale Davida a tshelela ka nqane, a hlwella hodima leralla le hojana, ho ena le sebaka se seholo pakeng tsa hae le Saule. 14 Davida a howeletsa bahlabani ba Saule, le Abinere, mora wa Nere, a re: “Ha o arabele keng, Abinere?” Abinere a arabela, a re: “O mang wena, o howeletsang kgosi?” 15 Davida a re ho Abinere: “Na o mohale? Ke mang ya kang wena moo naheng ee ya Iseraele? Jwale ke ka baka lang o sa sireletsang monga hao, e leng kgosi? Motho o sa tswa tloha mono diahelong tsa lona, a ilo bolaya kgosi, e leng monga hao. 16 Ntho ena eo o e entseng e mpe! Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le lokelwa ke lefu, hobane ha le a ka la sireletsa monga lona, e leng motlotsuwa wa Morena. Bona mona! Lerumo la kgosi le kae? Kuka la hae lona le kae?” Saule o ipona molato 17 Saule a tseba lentswe la Davida, yaba o re: “Davida, mora wa ka, na leo ke lentswe la hao?” Davida a re: “Ke lentswe la ka, monga ka, kgosi ya ka.” 18 Davida a boela a re: “Ke ka baka lang, monga ka, ha o ntso phaladisa mohlanka wa hao? Ke entseng? Kapa ke na le morero ofe o mobe? 19 Ka baka leo, ke a o rapela, monga ka, kgosi ya ka, ako mamele mantswe a mohlanka wa hao. Haebe ke Morena ya o susumeditseng hore o ntwantshe, ha a mpe a amohele nyehelo. Empa haeba ke batho, ba ke ba rohakehe mahlong a Morena, hobane kajeno ba ntelekile naheng eo e leng ya Morena, ba re: ‘Tsamaya, o yo sebeletsa medimo e meng.’ 20 Ka baka lena, o se ke wa etsa hore madi a ka a tsholohele naheng esele, hole le Morena, hobane kgosi ya Iseraele e tlilo batla letsetse jwalokaha motho a tsoma kgwale hara dithaba.” 21 Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.” 22 Davida a araba, a re: “Bona lerumo la kgosi! Romela e mong wa bahlankana a tlo le lata. 23 Morena o putsa bohle ba lokileng, ba tshepahalang. Kajeno lena Morena o ne a neelane ka wena matsohong a ka, empa ha ke a ka ka phahamisetsa motlotsuwa wa Morena letsoho. 24 Jwalokaha kajeno ke ile ka o qenehela, le nna Morena a ke a nqenehele, a nnamolele matshwenyehong ana wohle.” 25 Yaba Saule o re ho Davida: “Davida, mora wa ka, o ke o hlohonolofale! Ke hona o sa tla etsa dikgolo, mme o tla atleha.” Davida a ikela ka tsela ya hae, le Saule a kgutlela ha hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa