1 Petrose 5 - BIBELEHo alosa mohlape wa Modimo 1 Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa. 2 Alosang mohlape wa Modimo o bodiseng ba lona. Le o hlokomele ka boithaopo, ka mokgwa o ratwang ke Modimo, e seng ka ho qobellwa; e be ka lerato, e seng ka ho ipatlela maruo ka mano. 3 Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona. 4 Etlare mohla Modisa wa badisa a iponahatsang, le tla amohela mofapahlooho wa tlotla, o sa senyeheng. 5 Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.” 6 Jwale le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, e le hore a tle a le phahamise ka nako e lokelang. 7 Ditsietsi tsohle tsa lona le di rolele ho yena, hobane ke yena ya le baballang. 8 Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang. 9 Itwaneleng le tiile tumelong; tsebang hore mahloko a tshwanang le a lona a ntse a hlahela bana babo lona bohle, lefatsheng lohle. 10 Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha. 11 Ho yena e ke e be matla kamehla yohle. A ho be jwalo! Ditumediso tsa ho qetela 12 Ke le ngoletse hakgutshwanyane ka thuso ya Silefanose, eo ke mo tadimang e le ngwanabo rona ya tshepahalang, ho le kgothatsa le ho paka hore mohau ona ke wona wa nnete, wa Modimo. Tiisetsang ho wona. 13 Kereke e Babilona, e kgethilweng jwaloka lona, e a le dumedisa; le yena Mareka, ngwana ka, o a dumedisa. 14 Dumedisanang ka kako e halalelang. Kgotso e ke e be le lona bohle ba leng ho Kreste. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa