1 Marena 3 - BIBELESolomone o nyala moradi wa Faro 1 Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema. 2 Feela setjhaba se ne se ntse se etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hobane ho fihlela ka nako eo, Morena o ne a eso ka a hahelwa Tempele. Solomone o kopa hore a fuwe bohlale ( 2 Dik. 1:3-12 ) 3 Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng. 4 Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng. 5 Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.” 6 Solomone a re: “O bile mohau haholo ho ntate, ho Davida mohlanka wa hao, hobane le yena a ile a tshepahala ho wena, a etsa tse lokileng, a hloka mano. Le kajeno o sa mmontshitse mohau ona o moholo, ka ho bea mora wa hae teroneng. 7 “Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang. 8 Mohlanka wa hao o busa setjhaba sa hao, seo o ikgethetseng sona, se sengata hoo se ke keng sa balwa. 9 Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?” 10 Kopo ena ya Solomone ya kgahla Morena, 11 mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng, 12 ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona. 13 Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona. 14 Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.” 15 Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete. Diotswa tse pedi di ipiletsa ho Solomone 16 Jwale basadi ba babedi ba diotswa ba ya ho kgosi, ba fihla ba ema kapele ho yona. 17 Mosadi e mong a re: “Oho, monga ka, rona le mosadi enwa re phela ka tlung e le nngwe, mme ke ile ka beleha ngwana ke ena le mosadi enwa ka tlung. 18 Ha ho fetile matsatsi a mararo ke belehile, mosadi enwa le yena o ile a beleha. Re ne re ena le yena, ho se motho e mong ya nang le rona ka tlung, haese rona ba babedi feela. 19 “Ngwana wa mosadi enwa a shwa bosiu, kaha mmae a ile a mo hata. 20 Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka. 21 Hoseng ha ke tsoha, ke re ke nyantsha ngwana wa ka, ka fumana hore o shwele. Empa ha ke mo tadimisisa, ha ho se ho edile, ka bona hore hase mora wa ka, eo ke mo tswetseng.” 22 Mosadi wa bobedi a re: “Tjhe! Ngwana ya phelang ke mora wa ka; mora wa hao ke ya shweleng.” Wa pele le yena a re: “Tjhe! Mora wa hao ke ya shweleng; wa ka ke ya phelang.” Ba ngangisana jwalo kapele ho kgosi. Solomone o ahlolela diotswa 23 Jwale kgosi ya re: “Enwa o re: ‘Mora enwa ya phelang ke wa ka, wa hao ke ya shweleng;’ enwa le yena o re: ‘Tjhe! mora wa hao ke ya shweleng, wa ka ke ya phelang.’ ” 24 Kgosi ya re: “Ntlisetseng sabole!” Yaba ba tlisetsa kgosi sabole. 25 Kgosi ya boela ya re: “Kgekgethang ngwana enwa ya phelang, le nee mosadi e mong le e mong mokgekgetho!” 26 Ka baka la motlopotlo wa ho tswala, mosadi eo ngwana ya phelang e neng e le wa hae a bua, a re ho kgosi: “Oho, monga ka, mpe o nee mosadi enwa ngwana enwa ya phelang, o se ke wa mmolaya.” Empa mosadi wa bobedi yena a re: “E se be wa ka kapa wa hao! A hle a kgekgethwe!” 27 Jwale kgosi ya re: “Neang mosadi wa pele ngwana ya phelang, le se ke la mmolaya! Ke yena mmae.” 28 Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa