Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

1 Marena 17 - BIBELE


Komello mehleng ya Elia

1 Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”

2 Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:

3 “Tsamaya, o lebe nqa botjhabela, o yo ipata pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.

4 O tla nwa metsi a molatswana oo, mme ke se ke laetse makgwaba hore a o fepe.”

5 Elia a tsamaya, a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a ya dula pela molatswana wa Kerite, o ka botjhabela ho Jorodane.

6 Hoseng le mantsiboya makgwaba a ne a ye a mo tlisetse bohobe le nama, mme Elia o ne a enwa metsi a molatswana oo.

7 Kamora nakwana molatswana oo wa epsha, hobane pula e ne e sa ne.


Elia le mohlolohadi wa Sarepeta

8 Lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re:

9 “Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”

10 Yaba Elia o a tsamaya, o ya Sarepeta. Eitse ha a fihla kgorong ya motse oo, a fumana mosadi wa mohlolohadi a ntse a rwalla patsi. Elia a howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlele le metsinyana ka mohope, ke tlo nwa.”

11 Yare ha mosadi a re o a ya, Elia a boela a mo howeletsa, a re: “Ke a o kopa: Ako ntlisetse le thathana ya bohobe.”

12 Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”

13 Yaba Elia o re ho mosadi eo: “O se ke wa tshaba; tsamaya o yo etsa kamoo o boletseng kateng, empa pele ho tsohle, nketsetse moqathane, o o tlise kwano, ebe jwale o etsetsa wena le moshanyana wa hao.

14 Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, di ke ke tsa fela, ho fihlela mohla Morena a nesang pula lefatsheng.’ ”

15 Mosadi eo a tsamaya, a etsa kamoo Elia a mo laetseng kateng. Mosadi eo, le moshanyana wa hae, le Elia, ba nna ba eba le dijo hoyahoile.

16 Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia.

17 Kamorao ho tsena, mosadi eo wa mohlolohadi, e leng monga lelapa, a kulelwa ke moshanyana eo wa hae, hoo moshanyana eo a bileng a shwa.

18 Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”

19 Elia a re ho yena: “Mo tlise kwano!” Elia a nka setopo sefubeng sa mosadi, a se isa ka kamoreng e kahodimo, moo yena Elia a neng a dula teng, a fihla a se bea hodima bethe ya hae.

20 Elia a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, na u fela o otlile le mohlolohadi eo ya nthotseng, ka ho bolaya moshanyana wa hae?”

21 A paqama hodima setopo ka makgetlo a mararo, a ipiletsa ho Morena, a re: “Morena Modimo wa ka, ke a o rapela! Moya wa ngwana enwa a o ke o kgutlele ka ho yena hape.”

22 Morena a mamela thapelo ya Elia, moya wa ngwana wa kgutlela ka ho yena, mme a phela.

23 Yaba Elia o nka ngwana, o mo theolela ka kamoreng e katlase, o mo nea mmae. Elia a re: “Bona, mora wa hao o a phela!”

24 Mosadi a re ho Elia: “Ka ketso ena, ke a tseba jwale hore o moporofeta wa Modimo, le hore seo Modimo a se bolelang ka molomo wa hae ke nnete.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan