1 Johanne 1 - BIBELELentswe la bophelo 1 Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona. 2 Bophelo boo bo ile ba iponahatsa, mme ra bo bona. Kahona re a bo paka, mme re le bolella tsa bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo iponahaditseng ho rona. 3 Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste. 4 Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng. Modimo ke lesedi 5 Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang. 6 Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete. 7 Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle. 8 Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona. 9 Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile. 10 Haeba re re ha re eso etse sebe, re re o leshano, mme lentswe la hae ha le yo ho rona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa