1 Dikronike 16 - BIBELE1 Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho. 2 Ha Davida a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena. 3 Yaba o abela monna e mong le e mong, le mosadi e mong le e mong wa Moiseraele senkgwa sa bohobe, le leqahadi la nama, le diphaphatha tsa mangangajane a morara. 4 Davida a kgetha ba bang ba Balevi ho sebeletsa kapele ho areka ya Morena, ho ipiletsa ho Morena, le ho leboha, le ho boka Morena Modimo wa Iseraele. 5 Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere. 6 Baprista, bo-Benaya le Jahasiele, bona ba ne ba letsa diterompeta ka nako tsohle, kapele ho areka ya selekane sa Modimo. Sefela sa Davida sa teboho ( Pes. 96:1-13 ; 105:1-15 ; 106:47 , 48 ) 7 Ka lona letsatsi leo, Davida a laela Asafo le bana babo, mme e le kgetlo la pele, hore ba boke Morena ka sefela sena: 8 Lebohang Morena, le ipiletse ho yena, phatlalatsang ketso tsa hae hara ditjhaba. 9 Mmineleng, mmineleng difela, le boledise mesebetsi ya hae yohle e hlollang. 10 Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae: Pelo tsa bohle ba batlang Morena di nyakalle. 11 Ipatleleng Morena le matla a hae, le ipatlele yena le sa kgaotse. 12 Hopolang mesebetsi e hlollang eo a e entseng, dimakatso tsa hae le kahlolo tsa hae, 13 lona bana ba Iseraele, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, mokgethwa wa hae. 14 Ke yena Morena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle. 15 Kamehla o hopola selekane sa hae, lentswe leo a le laetseng meloko e sekete; 16 selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, kano eo a e etseditseng Isaka, 17 a ba a tiisetsa Jakobo hore ke molao, ke selekane sa hae le Iseraele sa mehla yohle. 18 A re: “Ke tla o nea naha ya Kanana, e be lefa leo o le abetsweng.” 19 Ha ba ne ba sa le mmalwana, e le baditjhaba naheng eo; 20 ha ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong ba eya ho o mong, 21 Modimo ha a a ka a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalemela dikgosi. 22 A re: “Le se ke la ama batlotsuwa ba ka, le se ke la etsa baporofeta ba ka hampe.” 23 Lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena, ka letsatsi le letsatsi le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae. 24 Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le makatso tsa hae hara merabe yohle. 25 Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle. 26 Medimo yohle ya ditjhaba ke ya bohata, athe Morena yena o entse, o entse mahodimo. 27 Tlotla le hlompho di teng ho yena, matla le kganya di Sehalalelong sa hae. 28 Thoholetsang Morena, lona ditjhaba tsa mefutafuta, thoholetsang tlotla le matla a Morena. 29 Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong kapele ho yena le mo nyehelleng, kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang. 30 Lefatshe lohle le thothomele kapele ho yena! O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha. 31 Mahodimo a thabe, fatshe le nyakalle, hara matjhaba ho thwe: “Morena ke yena kgosi!” 32 Lewatle le hwase, le tsohle tse ka ho lona, naha e nyakalle, le tsohle tse ho yona. 33 Jwale difate, merung, di tla bina, di binela Morena ho tla, ha a etla ho ahlola lefatshe. 34 Bokang Morena, hobane o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle. 35 E reng: “Modimo, mopholosi wa rona, ako re pholose; ako re phuthe, ho baditjhaba o re namolele, re tle re lebohe lebitso le halalelang la hao, ho boka wena e be motlotlo wa rona. 36 Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, a bokwe jwale, le kamehla yohle.” Setjhaba sohle sa re: “A ho ke ho be jwalo! Bokang Morena!” 37 Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng. 38 A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako. 39 Kapele ho Tente ya Morena, pela aletare e sebakeng sa borapedi se Gibeone, Davida a bea moprista Sadoke le baprista ba bang ba habo hona teng, 40 hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale. 41 Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” 42 Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako. 43 Setjhaba sohle sa qhalana, motho ka mong a ikela lapeng ha hae. Davida le yena a tsamaya ho ya hlohonolofatsa ba lelapa la hae. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa