1 Dikronike 14 - BIBELEMesebetsi ya Davida ha a le Jerusalema ( 2 Sam. 5:11 , 12 ) 1 Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo. 2 Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele. Bana ba Davida ba tswaletsweng Jerusalema ( 2 Sam. 5:13-16 ; 1 Dik. 3:5-9 ) 3 Davida a boela a nyala basadi ba bang hape ha a le Jerusalema, mme a tswala bara le baradi ba bang ba bangata. 4 Ana ke mabitso a bana ba Davida, bao a ileng a ba tswala ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone, 5 le Jibehare, le Eleshua, le Elepalete, 6 le Noga, le Nefege, le Jafia, 7 le Eleshama, le Beleada, le Elefelede. Bafilesita ba a hlolwa ( 2 Sam. 5:17-25 ) 8 Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa. 9 Bafilesita ba tla, ba fihla ba shatamana ka kgohlong ya Refaime. 10 Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho yena: “Futuha, hobane ke tla neelana ka bona matsohong a hao.” 11 Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime. 12 Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe. 13 Bafilesita ba boela ba shatamana ka kgohlong. 14 Ka baka leo, Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo a re ho yena: “O se ke wa ba futuhela o ba setse morao; o ba pote ka nqane, o ba futuhele o hlaha ka difateng tsa monokotshwai. 15 E tle ere ha o utlwa mohlwathatsa hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Modimo o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.” 16 Ka baka leo, Davida a etsa kamoo Modimo a mo laetseng kateng, mme Baiseraele ba phaladisa lebotho la Bafilesita ho tloha Gibeone, ho ya fihla Gesere. 17 Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa