1 Dikronike 13 - BIBELEAreka ya selekane e tloswa Kiriate-Jearime 1 Davida a rerisana le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba ba makgolo, le mookamedi e mong le e mong wa mabotho. 2 Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano. 3 Jwale re boele re late areka ya Modimo wa rona, re e tlise kwano, hobane mehleng ya Saule ha re a ka ra e natsa.” 4 Setjhaba sohle sa re se tla etsa jwalo, hobane se ne se bona hore hoo ho lokile. 5 Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime. 6 Jwale Davida le Baiseraele bohle ba nyolohela Baala, e leng hona Kiriate-Jearime e Juda, ho ya lata areka ya Morena Modimo, ya dutseng hodima dikerubime, e leng areka eo a tla kgumamellwa ho yona. 7 Ba bea areka ya Modimo hodima kariki e ntjha, ba e ntsha ka tlung ya Abinadabe. Bo-Usa le Ako ba qhoba kariki eo. 8 Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko ka sefutho se seholo, ba le kapele ho Modimo. Ba letsa diharepa, le dikatara, le meropa, le matlheretlhere, le diterompeta. 9 Ha ba fihla seotlong sa Kidone, Usa a nanabetsa letsoho, a tshwara areka, hobane dipholo di ne di kgothometseha. 10 Bohale ba Modimo ba tlokomela Usa, mme Morena a mmolaya, hobane o ne a ile a ama areka. A shwela hona moo, kapele ho Modimo. 11 Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; ka baka leo, yaba sebaka seo se rewa lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo. 12 Ka lona letsatsi leo, Davida a tshaba Modimo, mme a re: “Ekaba areka ya Modimo ke tla e isa jwang ha ka?” 13 Yaba Davida ha a sa isa areka eo ha hae, Motseng wa Davida, o se a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate. 14 Areka eo ya Modimo ya qeta kgwedi tse tharo e le moo ha Obede-Edomo, ka tlung ya hae. Morena a hlohonolofatsa lelapa la Obede-Edomo le tsohle tseo a neng a ena le tsona. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa