1 Bakorinthe 2 - BIBELEHo phatlalatswa Kreste ya thakgisitsweng 1 Bana beso, nna ha ke etla ho lona, ho le phatlalletsa sephiri sa Modimo, ke ne ke sa tlisa bokgelekehadi kapa bohlale bo boholo. 2 Ha ke ne ke ena le lona, ke ne ke ikemiseditse ho lebala tsohle, haese tsa Jesu Kreste feela, yena ya thakgisitsweng. 3 Ke fihlile ho lona ke fokola, ke tshaba, mme ke thothomela haholo. 4 Puo ya ka le molaetsa wa ka ha di a ka tsa bolelwa ka mantswe a hapang, a bohlale ba motho, empa e ne e le ka matla a kgodisang a Moya o Halalelang. 5 E ne e le hore tumelo ya lona e se ke ya thewa hodima bohlale ba motho, e mpe e thewe hodima matla a Modimo. Re senolelwa ke Moya wa Modimo 6 Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang. 7 Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona. 8 Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla. 9 Empa jwalokaha ho ngotswe, “Tseo leihlo le sa kang la di bona, tsebe e sa kang ya di utlwa, le kelello ya motho e sa kang ya di lekanya, ke tsona tseo Modimo a di lokiseditseng ba mo ratang.” 10 Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo. 11 Ana ke mang ya tsebang tse ka pelong ya motho, haese moya wa motho o ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ha ho le ya mong ya tsebang tsa Modimo, haese Moya wa Modimo feela. 12 Rona ha re a amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, hore re tle re tsebe tseo re di filweng ke Modimo ka mohau wa hae. 13 Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya. 14 Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela. 15 Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang. 16 “Ke mang ya tsebang mehopolo ya Morena? Ke mang ya ka mo rutang?” Ha e le rona re na le maikutlo a Kreste. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa