Tshenolo 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Kamora tseo, ka bona lengeloi le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya lona. 2 La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang! 3 Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae. 4 Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae. 5 Hobane dibe tsa hae di se di kolohane ho ya fihla lehodimong, mme Modimo o hopotse makgopo a hae. 6 Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona. 7 Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi. 8 Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang. 9 Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae; 10 a ntse a eme hole le yena ke ho tshaba dikotsi tsa hae, a re: Jo! jo! Babilona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ya hao e hlahile jwang ka hora e le nngwe! 11 Le bahwebi ba lefatshe ba tla llela motse oo, ba be ba o hlomohele; hobane mesebetsi ya bona ha e sa tla hlola e rekwa ke motho: 12 Mesebetsi ya kgauta, le ya silefera, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya diperela, le ya lene e ntle, le ya purepera, le ya sei, le ya sekarelata, le ya mahong wohle a monkgo o monate, le ya dipitsa tsa mefutafuta tse entsweng ka dinaka tsa ditlou, le dipitsa tsohle tsa mahong a hlokwang, le tsa koporo, le tsa tshepe, le tsa maramore; 13 le sinamone, le dibano, le mira, le diarubetso, le veine, le ole, le lefi la phofo, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le mmele le meya ya batho. 14 Ditholwana tsa lehwetla, tseo pelo ya hao e di thabelang, di suthetse hole le wena, mme tse monate le tse bokgabane kaofela di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana. 15 Bahwebi ba mesebetsi eo, ba entsweng banoni ka wona, ba tla ema hole, ke ho tshaba dikotsi tsa wona, ka ho lla le ka ho hlomoha, 16 ba re: Jo! jo! Motse o moholo o neng o apere line e ntle le purepera le sekarelata, o neng o kgabile ka kgauta, le ka mahakwe a bohlokwa, le ka diperela, na maruo a kakalo a fedile jwang ka hora e le nngwe? 17 Mme balaedi ba dikepe kaofela, le bongata bohle bo tsamayang ka dikepe, le ba di tsamaisang, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hole; 18 mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo? 19 Mme ba ithuntshetsa dihlooho ka lerole, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! jo! Motse o moholo oo ba nang le dikepe lewatleng ba ruileng ka maruo a nonneng a wona, o ripitlehile jwang ka hora e le nngwe? 20 Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona! 21 Yaba lengeloi le matla le nka lejwe le ka ka lelwala le leholo, la le akgela lewatleng, la re: Ho tla akgelwa jwalo ka matla Babilona, motse o moholo, mme ha a sa tla hlola a fumanwa. 22 Mme mantswe a ba tidinyang diharepa, le a ba letsang dithomo, le a ba diphala, le a ba diterompeta, ha a sa tla hlola a utlwahala ha hao; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ha hao motho ya sebetsang mosebetsi ofe le ofe, leha e le modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao. 23 Lesedi la dilampi ha le sa tla hlola le bonesa ha hao; le lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ha hao; hobane bahwebi ba hao e ne e le benghadi ba lefatshe, le hobane ditjhaba kaofela di kgelositswe ke bolao ba hao. 24 Mme ke ho wona ho fumanweng madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba bolailweng lefatsheng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa