Tshenolo 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba ke utlwa lentswe le leholo, le tswang tempeleng, le howeletsa mangeloi a supileng, le re: Eyang, le tshollele lefatsheng dinkgo tse supileng tsa bohale ba Modimo. 2 La pele la ya, mme la tshollela nkgo ya lona lefatsheng, mme ba nkileng letshwao la sebata, le ba rapelang setshwantsho sa sona, ba tswa dibebe tse mpe, tse bohloko boselesele. 3 Lengeloi la bobedi la tshollela nkgo ya lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang madi a motho ya shweleng, mme tse phelang lewatleng kaofela tsa eshwa. 4 Lengeloi la boraro la tshollela nkgo ya lona dinokeng le didibeng tsa metsi, mme tsa fetoha madi. 5 Mme ka utlwa lengeloi la metsi, le re: O lokile, Morena, ya leng teng, ya neng a le teng, ya halalelang, ha o ahlotse jwalo. 6 Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse. 7 Ka ba ka utlwa lengeloi le leng ka nqa ya aletare, le re: Efela, Morena, Modimo o matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete le tsa ho loka. 8 Lengeloi la bone la tshollela nkgo ya lona hodima letsatsi; mme letsatsi la newa matla a ho tjhesa batho ka mollo. 9 Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona. 10 Lengeloi la bohlano la tshollela nkgo ya lona hodima terone ya sebata; yaba mmuso wa sona o ba lefifi, batho ba itoma maleme ka baka la bohloko. 11 Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko a bona le la dibebe tsa bona, empa ha ba ka ba baka diketsong tsa bona. 12 Lengeloi la botshelela la tshollela nkgo ya lona hodima noka e kgolo ya Eufrate, mme metsi a yona a epsha, hore ho tle ho lokiswe tsela ya marena a Botjhabatsatsi. 13 Yaba ke bona ho etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata, meya e ditshila e meraro, e kang dihoho. 14 Eo ke meya ya batemona, e etsang mehlolo, e yang ho marena a lefatshe le a dinaha tsohle tseo ho ahilweng ho tsona, ho a memela ntwa ya letsatsi le leholo la Modimo o matla wohle. 15 Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala! 16 Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu. 17 Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona sebakeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ka nqa ya terone, la re: Ho entswe! 18 Yaba ho hlaha mantswe, le mahadima, le diaduma, mme tshisinyeho e tshabehang ya lefatshe ya eba teng, eo, esaleng batho ba le lefatsheng, tshisinyeho e kalo e sa kang ya eba teng. 19 Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona. 20 Dihlekehleke tsohle tsa baleha, mme dithaba ha di a ka tsa hlola di fumanwa. 21 Sefako se seholo, se boima bo kang ba talenta, sa na lehodimong, sa wela hodima batho; mme batho ba nyefola Modimo, ka baka la kotsi ya sefako, kahobane e bile kotsi e kgolo haholo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa