Sefela sa Salomone 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Bosiu ha ke le ditaong tsa me, ke batlile ya ratwang ke moya wa me; ka mmatla, empa ka mo hloka. 2 Ka re: Jwale, ke tla tsoha, ke ye ho mmatla kahohle motseng, diterateng le mapatlelong ke batle ya ratwang ke moya wa me. Ka mmatla, mme ha ke a ka ka mo fumana! 3 Ka kgahlana le dibohodi tse potapotang motseng, ka re: Na ha le a ka la bona ya ratwang ke moya wa me na? 4 Ke sa tswa ba feta, hang ka fumana ya ratwang ke moya wa me. Ka mo tshwara, mme ha ke a ka ka mo lesa, ke eso ho mo ise ka tlung ya mme, ka kamoreng ya ya nkemotseng. 5 Baradi ba Jerusalema, ke le antsha ka ditshephe le ka dikgama tsa naha, ke re, le se ke la phaphamisa leha e le ho tsosa thatohatsi ya ka, ha a eso ho ithatele! — 6 Ke mang elwa ya nyolohang feelleng jwaloka ditopallo tsa mosi, ya arubeditsweng ka mirra le dibano le mearubetso yohle ya bahwebi? 7 Bonang, ditao tseo ke tsa Salomone: di felehetswa ke bahale ba mashome a tsheletseng, ba kgethilweng hara dikwankwetla tsa Iseraele. 8 Ke ba tshwereng sabole kaofela, ke dinatla ntweng; e mong le e mong o na le sabole ya hae lethekeng la hae, ka baka la matsoso a bosiu. 9 Morena Salomone o iketseditse ditao ka difate tsa Lebanone. 10 A etsa ditshiya tsa tsona ka silefera, le mokokotlo wa tsona ka kgauta; sedulo e le sa purepera, mme se adilwe kahare ka masela a homilweng ka lerato ke baradi ba Jerusalema. 11 Tswang, lona baradi ba Sione, le bone, mme le bohe morena Salomone ka moqhaka oo mmae a neng a mo rwese wona mohla lenyalo la hae, ka letsatsi la thabo ya pelo ya hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa