Sakaria 9 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ditjhaba di tla hlolwa. — Jerusalema o tla pholoha. — Puso ya Jehova. 1 Ke bona boporofeta ba boletsweng ke Jehova hodima lefatshe la Hadrake, mme bo tla dula hodima Damaseka, — hobane Jehova o qamaka batho bohle, jwalokaha a qamaka meloko yohle ya Iseraele; 2 bo dule le hodima Hamathe ya bapileng le yena, le hodima Tire le Sidone, hobane Tire o bohlale haholo. 3 O ikgahetse qhobosheane, o bokeletse silefera jwaloka lerole, le kgauta jwaloka seretse sa mmila! 4 Bonang, Morena o tla mo hapa, a dihele matla a hae lewatleng, mme o tla tjheswa ke mollo. 5 Ashkelone o tla ho bona, a tshohe; le yena Gasa, mme a thothomele haholo; le yena Ekrone, hobane o tla swaba ka baka la tebello ya hae. Gasa o tla timellwa ke morena wa hae, Ashkelone ha a sa tla ahuwa. 6 Bana ba dinyatsi ba tla aha Ashdode, mme ke tla fedisa boikgohomoso ba Mofilesta. 7 Ke tla tlosa madi a hae molomong wa hae, le manyala a hae mahareng a meno a hae; le yena o tla salla Modimo wa rona, mme o tla ba jwaloka kgosana hara Juda, Ekrone a be jwaloka Mojebuse. 8 Ke tla ema pela ntlo ya ka, ke e sirelletse sera, le ya yang, le ya kgutlang, mme mohlorisi ha a sa tla tsamaya hodima bona; hobane jwale, ke bone ka mahlo a ka. 9 Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi. 10 Ke tla tlosa makoloi hara Efraime, le dipere Jerusalema, seqha sa ntwa se fediswe. O tla bolela kgotso ho ditjhaba, a buse ho tloha lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho tloha nokeng ho isa pheletsong tsa lefatshe. 11 Haele wena, ka baka la madi a selekane sa hao, ke tla lokolla batshwaruwa ba hao sekoting se se nang metsi. 12 Kgutlelang qhobosheaneng, lona batshwaruwa ba nang le tshepo! Kajeno lena, ke a bolela, ke re: Ke tla o buseletsa habedi. 13 Hobane ke tla ikobela Juda jwaloka seqha, ke se tjhehe ka Efraime; ke tla tsosa bara ba hao, Sione, ke ba nehelle bara ba hao, Jafane; ke tla o etsa o be jwaloka lerumo la senatla. 14 Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa; 15 Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare. 16 Jehova, Modimo wa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, jwaloka mohlape oo e leng setjhaba sa hae; hobane ba tla ba jwaloka mahakwe a phatsimang a moqhaka lefatsheng la hae. 17 Hobane botle ba bona e tla ba bokakang! Koro e tla hodisa bahlankana, veine e ntjha e hodise barwetsana. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa