Sakaria 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba Jehova o mpontsha Joshua, moprista e moholo, a eme pela lengeloi la Jehova, mme Satane a eme ka letsohong la hae le letona, ho mo hanela. 2 Jehova a re ho Satane: Jehova a ke a o kgalemele, Satane! Jehova ya ikgethetseng Jerusalema a o kgalemele! Enwa na hase lefatsa le ntshitsweng mollong? 3 Joshua o ne a apere diaparo tse ditshila, a eme pela lengeloi. 4 Yaba lengeloi le ahlamisa molomo, la bolella ba emeng pela lona, la re: Mo hlobodiseng diaparo tse ditshila. La re ho yena: Bona, ke lahlela bokgopo ba hao hole le wena, ke o apesa diaparo tsa bokgabane. 5 Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo. 6 Yaba lengeloi la Jehova le omela Joshua, la re: 7 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ha o tsamaya ditseleng tsa ka, o boloka seo ke o tshepetseng sona, le wena o tla ahlolela ntlo ya ka, o lebele mabala a ka, mme ke tla o nea tokelo ya ho tsamaya hara ba emeng pela ka. 8 Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela! 9 Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng. 10 Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa