Numere 34 - Sesotho 1909/1961 (SO)Meedi ya lefatshe la Kanana. — Molao wa ho le arola dikoto. 1 Jehova a bua le Moshe, a re: Laela bana ba Iseraele, o re ho bona: 2 Etlare hobane le kene naheng ya Kanana, naha eo e tla ba lefa la lona, ke eo: naha ya Kanana ka meedi ena ya yona: 3 Ka nqa borwa, moedi e tla ba lefeella la Tsine, ho fihlela Edomo; moedi wa lona, ka nqa borwa, o tla tloha pheletsong ya Lewatle la Letswai ka nqa botjhabela; 4 o tla pota moepa wa Akrabbime, ka nqa borwa; o fete ka Tsine, mme o fihle Kadeshe-Barnea, ka nqa borwa; o tla ya ka Hatsar-Addare, mme o tla feta Atsmone, 5 ho tloha Atsmone, o tla pota ho isa molapong wa Egepeta, mme o kene Lewatleng. 6 Moedi wa lona ka nqa bophirimela, e tla ba Lewatle le Leholo; ke wona moedi wa lona ka nqa bophirimela. 7 Moedi wa lona, ka nqa leboya, e tla ba ona: O tla tloha Lewatleng le Leholo, mme le tla o fihlisa thabeng ya Hore; 8 ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade, 9 o fete ka Sifrone, mme o felle Hatsar-Enane. Moedi wa lona e tla ba wona ka nqa leboya. 10 Le tla itshehela moedi wa lona ka nqa botjhabela, ka ho tloha Hatsar-Enane ho isa Shefame; 11 ho tloha Shefame, moedi o tla theohela Ribla, ka nqa botjhabela ho Aine; mme o tla theoha, o sike le Lewatle la Kinnerethe, ka nqa botjhabela, 12 mme o tla theosa Jordane ho ya kena Lewatleng la Letswai. Naha ya lona e tla ba jwalo, ka meedi ya yona e e teelang hare. 13 Moshe a nea bana ba Iseraele taelo eo, a re: Ke yona naha eo le tla arolelana yona ka lotho, eo Jehova a laetseng hore e newe meloko e robileng mono o le mong le halofo ya moloko. 14 Hobane leloko la bara ba Rubene ka matlo a bontata bona, le leloko la bara ba Gade ka matlo a bontata bona, le ba halofo ya leloko la Manasse, ba se ba nkile lefa la bona. 15 Meloko e mmedi eo le halofo ya leloko, ba se ba nkile lefa la yona ka mose o kwano wa Jordane, mabapa le Jeriko, ka nqa botjhabatsatsi. 16 Jehova a bua le Moshe, a re: 17 Mabitso a banna ba tlang ho le arolela naha ke ana: Moprista Eleasare, le Joshua, mora Nune. 18 Hape, le tla nka morena ka leloko le leng le le leng hore le arolelwe naha. 19 Ke ana mabitso a banna bao: Bakeng sa leloko la Juda, Kalebe, mora Jefunne; 20 bakeng sa leloko la bara ba Simeone, Samuele, mora Ammihude; 21 bakeng sa leloko la Benjamine, Elidade, mora Kislone; 22 bakeng sa leloko la bara ba Dane, morena Buki, mora Jogli; 23 bakeng sa bara ba Josefa, lelokong la bara ba Manasse, morena Hanniele, mora Efode; 24 bakeng sa leloko la bara ba Efraime, morena Kemuele, mora Shiftane; 25 bakeng sa leloko la bara ba Sabulone, morena Elitsafane, mora Parnake; 26 bakeng sa leloko la bara ba Issaskare, morena Paltiele, mora Assane; 27 bakeng sa leloko la bara ba Asere, morena Akihude, mora Shelomi; 28 bakeng sa leloko la bara ba Nefthali, morena Pedahele, mora Ammihude. 29 Ke bona bao Jehova a ba laetseng ho arolela bana ba Iseraele naha ya Kanana. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa