Numere 30 - Sesotho 1909/1961 (SO)Molao wa dikano. 1 Moshe a bua le marena a meloko ya bana ba Iseraele, a re: Ke sena se laelwang ke Jehova: 2 Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae. 3 Etlare ha mosadi a ikanne ho Jehova, a itlamile e le yena ka hore hoitseng a le ka tlung ya ntatae le botjheng ba hae, 4 ha ntatae a utlwa boikano ba hae le kamoo a itlamileng kateng, ha ntatae a ikgutsetsa pela hae, boikano bohle ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya; 5 empa ha ntatae a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, boikano bohle ba hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di ke ke tsa tiya; mme Jehova o tla mo tshwarela, kahobane o tla be a nyatsitswe ke ntatae. 6 Etlare hoba mosadi a nyalwe a se a ikanne kapa a itlamile ka lentswe le leng le phonyohileng molomong wa hae, 7 ha monna wa hae, mohla a utlwang tseo, a ikgutsetsa pela hae ka lona tsatsi leo a di utlwileng ka lona, boikano ba hae bo tla tiya, le tseo a itlamileng ka tsona di tla tiya; 8 empa ha monna a mo nyatsa ka tsatsi leo a di utlwileng, o tla fedisa boikano boo a bo entseng, le lentswe le phonyohileng molomong wa hae leo a itlamileng ka lona; mme Jehova o tla mo tshwarela. 9 Boikano ba mosadi wa mohlolohadi, kapa ba ya hladilweng, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya bakeng sa hae. 10 Ha ekaba mosadi ya seng a le tlung ya monna wa hae a ikana, kapa a itlama ka kano, 11 monna wa hae, mohla a utlwang tseo, ha a ikgutsetsa pela hae, a sa mo nyatse, maikano wohle a hae a tla tiya, le tsohle tseo a itlamileng ka tsona, di tla tiya. 12 Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela. 13 Boitlamo bofe le bofe, kapa boikano bofe le bofe boo mosadi wa hae a itlamileng ka bona ho hlomola moya wa hae, monna wa hae a ka nna a bo tiisa, kapa a bo fedisa. 14 Ha monna wa hae a ikgutsetsa pela hae ka tsatsi le leng le le leng, o fela a tiisa jwalo maikano wohle a hae le tsohle tseo a itlamileng ka tsona; o a di tiisa kahobane o ikgutseditse pela hae ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona. 15 Empa ha a di fedisa ho se ho fetile letsatsi leo a di utlwileng ka lona, o tla jara molato wa mosadi wa hae. 16 Ke yona melao eo Jehova a e laetseng Moshe bakeng sa monna le mosadi wa hae, le bakeng sa motswadi le moradi wa hae, ha eo a sa le motjha tlung ya ntatae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa