Numere 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)Molao wa mafa. 1 Baradi ba Tselofkade, mora Hefere, mora Gileade, mora Makire, mora Manasse, ba matlo a Manasse, mora Josefa, bao mabitso a bona e leng wona ana: Makla, Nowa, Hogla, Milka le Thirtsa; 2 ba fihla, ba itlhahisa pela Moshe, le pela moprista Eleasare, le pela marena le phutheho yohle, monyako wa tente ya pokano, ba re: 3 Ntata rona o shwetse feelleng; o ne a se sehlopheng sa ba lwantshitseng Jehova, e leng sehlopha sa Kore; empa o shwele bakeng sa sebe sa hae, mme o ne a se na mora. 4 A ke ka baka lang ha lebitso la ntata rona le tloswa lelokong la hae, kahobane a sa ka a ba le mora? O re fe lefa hara banababo ntata rona. 5 Moshe a bea taba ya bona pela Jehova. 6 Yaba Jehova o re ho Moshe: Baradi ba Tselofkade ba bolela. 7 O fele o ba abele naha hara banababo ntata bona, e be lefa la bona; o ba nee lefa la ntata bona jwalo. 8 O bolelle bana ba Iseraele, o re: Etlare ha motho a eshwa a se na mora, le tla nea moradi wa hae lefa la hae. 9 Ha a se na moradi, le tla nea banababo lefa la hae. 10 Ha a se na banababo, le tla nea banababo ntatae lefa le hae. 11 Ha ekaba ho se banababo ntatae, lefa la hae le tla le nea e mong wa leloko la hae ya bapileng le yena haholo, mme ke yena ya tla le rua. Hoo e tla ba molao le tokelo ho bana ba Iseraele, kamoo Jehova a ho laetseng Moshe kateng. Joshua o kgethelwa ho hlahlama Moshe. 12 Jehova a re ho Moshe: Nyolohela thabeng eo ya Abarime, mme o tadime lefatshe leo ke le neileng bana ba Iseraele. 13 Etlare ha o le bone, le wena o tla orosetswa setjhabeng sa heno, jwalokaha ngwaneno Aarone le yena a orositswe. 14 Hobane le ne le hane taelo ya ka lefeelleng la Tsine, mohla phutheho e hanyetsang, bakeng sa ho ntlotlisa pela batho ka taba ya metsi. Ke wona metsi a Meriba (kganyetso) ya Kadeshe, feelleng la Tsine. 15 Moshe a bua le Jehova, a re: 16 Jehova, Modimo wa meya ya nama yohle, a ke a bee hodima phutheho monna 17 ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa. 18 Jehova a re ho Moshe: Nka Joshua, mora Nune, monna eo moya o leng ho yena, o bee letsoho la hao hodima hae. 19 O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona. 20 O tla mo abela karolo e nngwe ya boholo ba hao, hore phutheho yohle ya bana ba Iseraele e mo utlwe. 21 O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela. 22 Moshe a etsa kamoo Jehova a mo laetseng kateng. A nka Joshua, a mmea pela moprista Eleasare le pela phutheho kaofela; 23 a bea matsoho a hae hodima hae, mme a mo nea ditaelo, kamoo Jehova a neng a boleletse Moshe kateng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa