Numere 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Balaame a bona hobane Jehova o rata ho hlohonolofatsa Iseraele; ha a ka a hlola a ya ho batla tsa boloi jwaloka pele; empa a retelletsa sefahleho sa hae ka nqa lefeelleng. 2 Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae. 3 A porofeta, a re: Lentswe le Balaame, mora Beore, lentswe la monna ya nang le leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo, 4 la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele: 5 Ditente tsa hao di ntle hakakang, Jakobo! Le meaho ya hao, Iseraele! 6 Di alehile jwaloka mohlaka, jwaloka ma simo seoding sa noka, jwaloka makgala a hlomilweng ke Jehova, jwaloka dikedare pela metsi! 7 Metsi a kgaphatseha dinkgong tsa hae; peo ya hae e nontshwa ke metsi a mangata. Morena hae o feta Agage, le mmuso wa hae o a phahama. 8 Modimo o mo ntshitse Egepeta; o na le matla a kang a nare. O qeta ditjhaba tse mo lwantshang; o robaka masapo a tsona, a di imele ka metsu ya hae. 9 O finne mangole, o bothile jwaloka tau le jwaloka tau e tshehadi; ke mang ya ka mo tsosang? Ho hlohonolofatswe ba o hlohonolofatsang, ho rohakwe ba o rohakang! 10 Yaba bohale ba Balake bo tukela Balaame; a opa matsoho, a re ho Balaame: Ke o bitsitse hore o tle o rohake dira tsa ka, mme bona, o di hlohonolofaditse makgetlo ana a mararo. 11 Tloha jwale, o ye ha eno! Ke ne ke itse, ke tla o hlompha ka dimpho tse kgolo, empa Jehova o o sitisitse ho di nka. 12 Balaame a fetola Balake, a re: Ha ke re, ke ne ke bolelle manqosa ao o a romileng ho nna, ka re: 13 Leha Balake a ka nnea ntlo ya hae e tletse silefera le kgauta, nka sitwa ho tlola taelo ya Jehova ka ho etsa botle leha e le bobe ke iqalla; seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se phetha. 14 Jwale, ke ikela ho ba heso; tlo o he, ke o bolelle seo setjhaba sena se tla se etsa ho setjhaba sa hao mehleng e tlang. 15 Balaame a porofeta, a re: Lentswe la Balaame, mora Beore; lentswe la monna ya leihlo le tutubolohileng, lentswe la ya utlwang mantswe a Modimo, 16 la ya tsebang bohlale ba Ya leng hodimodimo, la ya bonang dipono tsa Ya matla wohle, la ya inamang, mme mahlo a hae a ele. 17 Ke a e bona, empa e seng jwale, ke a e boha, empa e seng haufi. Naledi e tswa ho Jakobo, lere la borena le nyoloha Iseraeleng. O hlaba mahlakore a Moabe, mme o timetsa bana bohle ba moferefere; 18 Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae; 19 ya tswang ho Jakobo o busa ka borena, mme o senya ba setseng metseng ya bona. 20 Balaame a bona Amaleke, a porofeta, a re: Amaleke ke sehlooho sa ditjhaba, empa ka tsatsi le leng o tla fediswa. 21 Balaame a bona le Bakene, a porofeta, a re: Moaho wa hao o thata, mme sehlaha sa hao o se beile lefikeng. 22 Leha ho le jwalo, Mokene o tla lelekwa, mme Moassiria o tla o nkela hole o le moholehuwa. 23 Balaame a porofeta hape, a re: Jo! ke mang ya tla phela, ha Modimo o se o entse hoo? 24 Dikepe di tla tswa Kittime, di kokobetse Moassiria, di kokobetse le Moheberu; empa hamorao le yena o tla timela. 25 Yaba Balaame o ema, a tloha a kgutlela ha hae; le yena Balake a ya ka tsela ya hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa