Nahume 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Jo! motse wa madi! O tletse bohata le polao kahohle; teng, ha ho leswe ho hapuwa. 2 Utlwang lerata la diphadi ke lena, le modumo o moholo wa maoto a makoloi, le pere tse kgemang, le makoloi a tlolakang! 3 Mokalli o a nehela, ... sabole e a bekenya, lerumo le a phatsima, ... ba hlabilweng ba bangata, ... ke diqubuqubu tsa ba bolailweng, ha ho moo ditopo di fellang; ... ba kgoptjwa ke ditopo tse shweleng! 4 Ke ka baka la bootswa bo boholo ba seotswa se kgahlisang, moloi ya rekisang ditjhaba ka bootswa ba hae, le meloko ka boloi ba hae. 5 Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao; 6 ke tla akgela ditshila hodima hao, ke tla o tlotlolla, ke o etse ntho e babatsehang; 7 mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae? 8 Na o fetisa No-Amone, motse oo o neng o dutse hodima dinoka, o neng o teetswe hare ke metsi, oo lewatle e neng e le tshireletso ya wona, mme lerako la wona le ne le nyoloha lewatleng? 9 Bakushe ba matla a maholo, le Baegepeta ba sa balweng, Baphuthe le Balube e be e le batlatsi ba wona. 10 Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela. 11 Le wena o tla tahwa, o be o timelle; le wena o tla bo o re, o batla setshabelo ho phema sera. 12 Diqhobosheane tsa hao kaofela ke difate tsa feiye tse beileng dilopotsiya; ere ha di sisinngwa, di wele molomong wa ya di jang. 13 Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo! 14 Ikgelle metsi, hobane o se o tla thibellwa; tiisa diqhobosehane tsa hao: kena seretseng, o dube mobu, o hahe sebopi sa ho besa makote. 15 Teng, mollo o tla o tjhesa, lerumo le o timeletse; le tla o ja jwaloka tsie, leha o ka ba mongata jwaloka tsie, wa ngatafala jwaloka bookgolane. 16 Bahwebi ba hao ba atile ho fetisa dinaledi tsa lehodimo, ... ke tsie e emisang mapheo, mme e a rura! 17 Bakgethehi ba hao ba jwaloka tsie, le bahlabani ba hao ba jwaloka makgotla a ditsie tse emisitseng meterong, mohla ho hatsetseng; ere letsatsi ha le tjhaba, di balehe, ebe ha ho tsejwe moo di ileng. 18 Morena wa Assiria, badisa ba hao ba robetse; bahale ba hao ba rapaletse; batho ba hao ba farasitse dithabeng, ha ho ya ba bokellang! 19 Leqeba la hao ha le na ho thojwa, matetetso a hao ha a na ho fola! Bohle ba utlwang tsa hao, ba tla o opela ka diatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa