Moeklesia 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)Motho a itsamaele ka kelello mahareng a tsohle tse leng teng lefatsheng. 1 Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe. 2 O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae; 3 hobane jwalokaha toro e etswa bongateng ba mesebetsi, ho jwalo molomo wa lewatla o tsejwa ka bongata ba mantswe. 4 Ha o ikanela ho Modimo ka kano, se diehe ho e phetha; hobane ha o kgahlwe ke mawatla. Phetha kano eo o e entseng. 5 Ho leng molemo ke ho se etse kano, ho ena le ho e etsa, o sa e phethe. 6 O se ke wa lesela molomo wa hao ho o isa, o se ke wa bolela pela lenqosa la Modimo, wa re: Ke ne ke bua feela! esere Modimo wa halefela lentswe la hao, wa senyetsa mosebetsi wa matsoho a hao. 7 Hobane jwalokaha ditoro tse ngata e le lefeela, ho jwalo le mantswe a mangata. Ha ho le jwalo, tshaba Modimo. 8 Leha o bona naheng e nngwe mofutsana ha a tujwa, le ho loka le toka ha di kgopamiswa, o se ke wa makala ke hoo; hobane ya phahameng hodimo ho ya phahameng o teng, o a lebela, mme Mookamedi o teng ya hodimo ho bona ba babedi. 9 Molemo o moholo wa naha e nngwe ke hore morena a be teng ya disang naha e lemilweng. 10 Ya ratang silefera, silefera e ke ke ya mo kgorisa; ya ratang ho phela ka nala, le yena a ke ke a hola ka yona. Hoo le hona ke lefeela. 11 Ha monono o ata, ba o jang le bona ba ata; ha ho le jwalo, monga wona o ruang ka wona, haese ho iponela wona ka mahlo a hae? 12 Boroko ba motho ya sebetsang bo monate, leha a eja haholo, leha a eja hanyenyane; empa kgora ya morui ha e mo fe boroko. 13 Ho na le kotsi e bohloko eo ke e boneng tlasa letsatsi: ke leruo le sotofatsang monga lona ya le bokeletseng; 14 ruo leo le ye le senyehe ka tsietsi e nngwe; ereha a tswetse mora, ho ke ke ha sala letho letsohong la hae; 15 jwalokaha a ne a tswile mpeng ya mmae, o tla ikgutlela a le feela, a ikele jwalokaha a tlile; o tla ya a sa nke letho mokgathaleng wa hae, leo a ka yang le lona a le fuparetse ka letsoho. 16 Hoo le hona ke kotsi e bohloko; kamoo a neng a tlile kateng, o ikela jwalo; mme o ruang ka mokgathala wa hae wa lefeela? 17 Athe o phetse ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae pelo ya hae e le ntsho, a swabile haholo, a le bohloko, a hlonamile. 18 Hoo ke ho lemohileng ke hona: ho leng molemo le ho leng hotle, ke ho ja, le ho nwa, le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle oo motho a ikgathatsang ka wona tlasa letsatsi, ka tshiu tsohle tsa bophelo tseo Modimo o mo neileng tsona; hobane ke yona kabelo eo a e abetsweng. 19 Efela ha Modimo o neile motho e mong leruo le monono, ha o mo neile le tokelo ya ho di ja le ho ingwathela ho tsona le ho thabela mosebetsi wa hae, hoo ke mpho ya Modimo; 20 hobane a ke ke a hopola bokgutshwanyane ba tshiu tsa ho phela ha hae haholo, etswe Modimo o mo hauhela ka ho mo thabisa pelo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa