Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Moeklesia 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Tse lokelang ba batjha. — Tsa motho ha a le makgatheng a ho shwa.

1 Akgela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamora matsatsi a mangata, o tla boela o bo bone.

2 Bo arolele batho ba supileng, leha ba ka roba meno e le mmedi, hobane ha o tsebe tlokotsi e ka hlahang lefatsheng.

3 Ereha maru a tletse pula, a ye a e tshollele lefatsheng; leha sefate se wela nqa borwa, kapa nqa leboya moo se welang teng, ke hona moo se dulang teng.

4 Ya elang moya hloko a ke ke a jala, ya tadimang maru a ke ke a kotula.

5 Jwalokaha o sa tsebe tsela ya moya, leha e le kamoo masapo a bopjwang popelong ya mosadi ya emereng kateng, ho jwalo ha o tsebe mosebetsi wa Modimo o etsang tsohle.

6 Jala peo ya hao e sa le hosasa, matsoho a hao o se ke o a a neela sebaka mantsiboya; hobane ha o tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba di tla mela hantle tse pedi.

7 Kannete lesedi le monate, mme, mahlo a rata ho bona letsatsi;

8 leha ho le jwalo, le hoja motho a ka phela ka dilemo tse ngata, a thaba ka tsona kaofela, a mpe a hopole le tshiu tsa lefifi, etswe di tla ba ngata. Tsohle tse tla hlaha ke lefeela.

9 Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;

10 leha ho le jwalo, o nne o tsebe hoba Modimo o tla o ahlola ka tseo tsohle. Suthisa maswabi pela pelo ya hao, o bee bolotsana hole le mmele wa hao; hobane bongwana le botjha ke lefeela!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan